Day Waterlily
Kgahla ya metsi le letsatsi

© Shem Compion
Day Waterlily.

Lebitso

Kgahla ya metsi le letsatsi (Day Waterlilly kapa Star Lotus kapa Pygmy Water Lily)

Lebitso la SeLatini

Nymphaean nouchali

Tlhaloso

Ke semela sa metsing ka makala a kgidikwe a phapalletse a arohantsweng ke mongwapo wa V. semela sena se nale kutu e holong ka tlasa lefatshe e tiileng le ho tsitsa seretseng ka tlasa metsi, mme methapo ta sona e namela dibakeng tse ding. Kutu ya sona e hola e tshekalletseng e bolelele ba disentimitara tse 4-5 didaemetheng, e ntsho ka mmala ebile e bonolo. Makala a phaphalla hodima kutu e telele e bonolo mme a kgidikwe ka mongwapo o tibileng mahareng ho ya qetellong.
Dipalesa tse kgolo di jarwa ke kutu e telele ka hodima metsi mme e tshweu, tshehla, bolou kapa pinki ka mmala e buleha ha fela tsatsi le tjhabile mme ha le dikela e ya kwala e tla bula hape hoseng. E nale mahlaku a motsu a nkgang ha monate. Ho nale mefuta e kabang 60 ya tsona, empa ke mofuta o le o fumanehang Afrika Borwa, e leng Day Waterlily.

Bodulo

Di fumaneha ka dipaneng, matamong le matangwaneng di phaphalletse hanyane dinokeng, di fumaneha le ho ralla lefatshe lohle diprofinsing tsohle tsa Afrika Borwa le Kruger National Park.

Tholwana

Ka mora hore di fumane peo ho tswa ho dinotshi le bomaleshwane, palesa e sootho bo tibileng ka tlasa metsi moo peo e butswitseng. Peo e butswitseng e phaphalla ka hodima metsi mme qhalakanywa ke maqhubu a metsi. Di hlaha ka ho dimo di phaphalle nakwana, qetellong di tebela seretseng, moo di tlo qalang ho mela.

Dintlha tsa tshimo

Lily ke e nngwe ya dimela tse tlotlwa lefatsheng mme ho bolelwa ha Buddha a hlokahala palesa e thuntse hohle moo a sebeditseng teng. Ke palesa ya setjhaba ya Bangladesh le Sri Lanka.