Bushwillow
Lengana

© Roger de la Harpe

Lebitso

Lengana (Large-fruited Bushwillow)

Lebitso la selatini

Combretum zeyheri sond

Tlhaloso

Ena le dihlahla tse tsebahalang tse ntle tse bolelele ba dimitara 4, tse holang santeng le mobung o nonneng. Makgasi a maholo ha o a tshwantsha le a mefuta emeng.

Dipalesa le ditholwana

Dipalesa di hlaha dile tala bo bosehla bona le moriri ka mahafing sena se etsahala ka kgwedi ya Lwetse mme dina le monko monate. Ho bonahala eka di ka palesa bakeng sa nako e telele, jwalo ka ho di ile tsa bonwa di palesa kgweding ya Hlakola le Tlhakubele. Ena le mapheyo a 4, tholwana e sootho bo kganyang e kgolo ha e tshwantshwa le mefuta emeng sebakeng seo, e dula sehlahleng le ka morao hore lekgasi le wele fatshe.

Moo difumaneng

Afrika Borwa merung le difateng.

Tshebediso

Sehlahla sena le metso e metenya e dimaele mitara tse seng kae tse holang ka ho tshekalla ka dimitara tse 3-4, le disentimitara tse 20 ka tlasa mobu. Methapo e sebediswa ke basadi bakeng sa ho etsa basekete e kgabisitsweng. Nakong e fitileng basekete e ne e sebediswa bakeng sa ho etswa dijana, mme ene ere ha di tlotswa ka polasetera e ikgethang di ne disa kene metsi mme dine di sebediswa ho tshela metsi ho tlowa sebakeng hoya ho se seng.kajeno disebediswa bakeng sa ho boloka le ho rekiswa bakeng sa ho iketsetsa tjhelete.
Dae e sootho e entswe ka makgapetla a sefate sa Kiaat,ha dae e putswa e ntswe ka makgapetla a wild seringa. Ke basadi ba itseng feela ba santsaneng ba tseba mokgwa wa ho hlahisa basekete. Methapo esebediswa ho etsa lesale la banana la molaleng ha baya lebollong. Lekgapetla le ommeng le a tjheswa le etswe molora mme le bidiswe. Seretse seo se tshasa moriri bakeng sa ho otlolla.
Makgasi a sebediswa ho etsa moriana wa sefuba. A phehwa ka metsing a bidiswe mme a nowe ha 3 ka letsatsi. Methapo e fana ka meriana wa mpa e opang. Motso o kgaolwa ka bolelele ba halofo ya monwana hoy a boleleleng ba sephaka letlalo le sootho le ya ebolwa. Motso o hlwekileng o tshelwa ka pitseng ho tshelwe metsi. Metsi a futhumatswa hanyane mme onwe ka halefo ya kopi ha 3 ka letsatsi ho fihlela bohloko bo fela lekala le letenya ba monwana le sebediswa bakeng sa ho etswa seqha ba bashanyana hobane hase robehe ha bonolo jwalo ka sa batho ba baholo. Bana ba sebedisa seqha sena bakeng sa ho ithuta ho thunya. Jwalo ka ha patsi e le bonolo e sa Tshwane le patsi ya seqha sa batho ba baholo, seqha sa bona se keke sa sebediswa ho tsona diphoofolo tse kgoloho, hobane hase thunye ka matla ka lekaneng.

Dintlha tsa tshimo

Lebitso la Afrikaans ke Raasblar se bolelang hore ke lekgasi le etsang lerata mme ha ngata ba le tshwantsha le lerata la roto, leo makgasi le dipeo di le etsang ha di anngwe ke moya.