Brinjal ka Kakaretso

© Louise Brodie
Lebitso la saense: Solanum melongena Mabitso a Tlwaelehileng: Brinjal, melanzana kapa eggplant

Tlhaloso ya Semela

Brinjal ke semela se nang le makgasi a maholo a botala bo lerootho bo kgalefo hanyane. E hola ka bolelele ba mithara e le nngwe. Dipalesa pele ditholwana di behwa ke tse pherese tse bobebe.

Ditholwana ke lefifi le pherese ho tse ntsho mme mefuta e sa tshwaneng e mesweu jwalo kahoo lebitso la tholwana ya Lehe hobane ke lejoba le bopehileng jwaloka lehe.

Ho Sebedisa

Eggplant kapa Brinjal e jewa e hadikiloeng, e sebediswa ka sopho le sechu le ho di kebabs, mme e sebediswa ka dikheri le ka ho dihadika.

Ditlhoko tsa Mobu le ho Itokisetsa

Brinjal e kgetha mobu wa lehlabathe wa motsako ka thepa e ntle ya metsi. Semela se atleha mobu o nang le pH pakeng tsa 5.5 le 6.5. Mobu o lokela ho lokiswa ka taba e lekaneng ya manyoro ka hodimo ho 40 cm kaha ena ke moo metso e mengata e hlahiswang teng.

Pele ho tshwaya manyoro, tshimo e tlameha ho kgaolwa mme e lokollwe ka botebo ba disenthimithara tse 100 ha metso e meng ya Brinjal e ka theohela ho feta metha e le nngwe.

Sebaka sa semela se lokela ho lengwa ho netefatsa hore mobu o phahameng o hlwekile ebile o le boemong bo botle. Bahlahisi ba bang ba jala dibetheng tsa ho phahamisa metsi ho mobu o molemonyana.

Boemo ba Lehodimo

Brinjal ke semela sa mocheso o futhumetseng wa lehodimo mme se simoloha le ho sebetsa hantle dibakeng tsa tropike le tsa tropike. E boetse e lengwa dibakeng tse futhumetseng tsa Mediterranean.

E utlwahala serame le kgolo le ntshetsopele e fokotsehile ka mocheso o ka tlase ho 16°C. Hape ha se etse hantle ha mocheso o feta 35°C.

Ditholwana tse ntle di finyellwa ha Brinjal e lenngwe dibakeng tseo motshehare le mocheso wa motshehare o fetohang ho tloha ho 18°C le 28°C.

Dintho tse Hlahisitsweng

Black King, Black Beauty, Florida Market, Long Purple, Imperial, Little FingersTranslated by Bongani Matabane