Pele ho Tshusumetso ya Vredefort
Tatelano ya Lefatshe
Ho feta dilemo tse dimilione tse dikete tse fetileng, Lefatshe le ile la qala ho phola ka tsela e itseng mme bomo ya lehodimo e ile ya fokotseha, mohlomong kahobane boholo ba di bolides tse tsamaisong ya dipolanete di ne di se di senyehile ho ntho e itseng kapa e nnile ya sebediswa. Mocheso wa metsi, carbon dioxide le dikgase tse ding di ile tsa itshwara ka hara maqhubu a sepakapakeng mme tsa qala ho theha sepakapaka. Pula e ile ya qala ho na mme mawatle a qala ho kopana hodima mpa ya majwe. Metsi a ka hodimo a ne a le teng bonyane dilemo tse dimilione tse dikete tse 3.9 tse fetileng.
Mehla ya Archea
Ena ke qaleho ya mehla ya Achea (e bolelang 'ya kgale') mme ya nka dilemo tse ka bang dimilione tse 2,5 tse fetileng. Nakong ena, ho ile ha thehwa mabanta a majwe a palamaneng a bitswang Granite-Greenstone, a theha ka tlaase ka baka la mesebetsi yohle e ileng ya latela lefatsheng. Mohlala o boloketsweng ka ho fetisisa wa mehleng ya ya Archea e ntse e bonahala Lefatsheng e ka fumanwa Mpumalanga, haufi le toropo ya Barberton, moo moqhaka wa boholo-holo wa Granite-Greenstone o kileng wa senngwa mme o pepeswa hodima lefatshe.
Majwe ana a seretse se chesang, a bitswang di komatiities, a ile a thehwa lebopong la lewatle la boholo-holo pakeng tsa dilemo tse dimilione tse dikete tse 3,6 le 3.2. Sebopeho sa oona se bontsha hore di ile tsa thehwa nakong eo ka yona mocheso o neng o le ka hodima seaparo sa ka hodimo ho feta kajeno, e leng se bontshang hore Lefatse le nnile la tswela pele ho fola dilemong tse dikete.
Ha bohare ba lefatse bo ntse bo tswela pele ho matlafala, thepa e ruileng ya silika (e neng e se nyane ho feta taba e qhibilihisitsweng ka tlase) e ne e atisa ho ema ebe e bokella ka hodima seaparo sa kahare. Kaha e ne e le 'bobebe' ho feta seaparo sa mantle le lewatle, majwe ana a silika a ruileng a ne a sa fokotsehe mme a dula a phaphamatse hodima metsi, qetellong a ba le matla a lekaneng a hodimo ho metsi jwaloka dihlekehleke.
Di Cratons
Ha nako e ntse e ya, dihlekehleke tse sa tswa thehwa di ile tsa tswela pele ho theoha hodima dipoleiting tsa tectonic, di phunyelelana di bile di kopana, ho fihlela dihlahiswa tse ngata di ne di thehwa dibakeng tse sa tshwaneng lefatsheng. Dikamano tsena di bitswa 'micro-continent'. Ka nako e le nngwe, majwe a pepesitsweng ka hodima metsi a ne a senyeha ka moya le metsi, mme dikarolo tsa majwe tse senyehileng di ne di kenngwa sebakeng se pakeng tsa naha le leoatle e le di conglomerate tsa dihlopha, majwe a lehlabathe le majwe a seretse. Khonthinente ya pele e ne e ntse e thehwa.
Ho fokotsa pale e telele, dikhonthinente tsena tsa pele tse tswetseng pele di ile tsa tswela pele ho hola mme, kaha di ne di le tlaase ho feta marulelo a lewatle, di ile tsa eba thata haholo ho di fokotsa. Ka hona dikarolo tse ding tsa dikhonthinente di ile tsa dula di le dilemo di dimilione tse 3 tse latelang. E ka nna yaba di arohane mme tsa kgutlelana ka makgetlo a mmalwa, empa ha dia ka tsa senngwa kapa tsa tsosoloswa. Kajeno, re bitsa dikotwana tse tsitsitseng tsa boholo ba boholo-holo, 'di cratons'.
Craton ya Kaapvaal
E nngwe ya di craton tsa kgale ka ho fetisisa lefatsheng ke Craton ya Kaapvaal, e ntseng e le pelong ya Borwa ba Afrika. Boholo ba pele ba craton ena ha bo tsejwe, empa dipatlisiso di bontshitse hore karolong e ka botjhabela ba Afrika Borwa, karolong e ka bophirima ba Australia, India le Madagascar kaofela di ne di kopane hammoho khonthinenteng ena ya boholo-holo. Ha dilemo di ntse di feta, mekgahlelo e mecha ya majwe e ne e behilwe hodima setulwana se ka tlase sa Granite-Greenstone ya craton, hammoho le palo e tsotehang ya diminerale tsa bohlokwa. Craton ya Kaapvaal e ne e tla boela e be sehlahlo sa phello ya Vredefort.
Lera la pele la majwe a macha ho thehwa hodima craton ya Kaapvaal le bitswa sehlopha sa Dominion. Le na le sebaka se se sesaane sa majwe a sedimentary a kenngweng ke lebala le leholo la majwe a se nang letho. Dibaka tsa sedimentary di boptjwa ha dikarolwana tsa majwe a hlaseditsweng di kenngwa sebakeng se secha mme butle-butle se fetoha lejwe, ka mokgwa o bitswang lithification. Ka lehlakoreng le leng, majwe a maholo a boptjwa ka ho etsa seretse se chesang se etshalang sepakapakeng hodima mantle le mpa ya lefatse, moo magma e kenngwang teng ka ho phunyeha ho fihlela e phalla ebile e tiiya. Dikgohola tse hlahang hodima Lefatshe di ka boela tsa theha majwe a se nang letho.
Translated by
Bongani Matabane