Tlhahiso ya Persimmon

Tlhahiso le Tshebediso

©Louise Brodie

Hangata tholwana ya persimmon e jowa tala, feela, ho na le indasteri tse kgolo tse sebetsang persimmon, tse hlahisang persimmon e omisitsweng. Ka ha di-persimmon di na le pectin e hodimo, di sebediswa haholo ho hlahisweng ha jeme le ditswako tse tlisang tatso dijong jwaloka chutney le disousu tse dinoko tsa atchar.

Lero (tannin) la persimmon le kile la sebediswa e le meriana ya setso, bakeng sa ho phekola ho shwa lehlakore naheng ya Japan ebile e le moriana wa ditlama China, ho tloha boholoholo. Lero lena (tannin) le sireletsa disele, le matlafatsa masole a mmele ho dikokwanahloko tsa mefuta. Di-tannin di boetse di thusa ho theola kgatello e phahameng ya madi le ho imolla bothata ba mala.

Tlhahiso ya Lefatshe

China ke yona ho fihlela ha jwale mohlahisi ya ka sehloohong wa di-persimmon mme e ikarabella palong ya pedi-borarong ya tlhahiso ya lefatshe ka bophara. Hona ho hlahlangwa ke South Korea, Japan le Spain. Dinaha tse ding tse hlahisang di-persimmon ke Israel, U.S.A., Afrika Borwa, New Zealand, Australia, Egypt le Chile.

Tlhahiso ya Afrika Borwa

©Louise Brodie

Tlhahiso yohle ya indasteri ya Afrika Borwa e tswa Sharon™ Fruit, lebitso la kgwebo la persimmon ya tholwana ya Kaki e ratwang, e bohale ebile e hloka dithootse ya mofuta wa Diospyros Triumph. Mofuta ona wa persimmon o bohale o qadile ho lengwa Sharon Valley, Israel mme lena ke lebitso la teng la kgwebo. Indasteri ena e thehilwe Afrika Borwa bohareng ba bo-1990, haholo ka lebaka la bohato ba Mor International, e leng sehlopha sa Israel se ikarabellang papatsong ya boholo ba persimmon e bohale. Sepheo sa ho theha indasteri ena Afrika Borwa e ne e le ho eketsa nako ya phepelo ka ho ba le tlhahiso e tswang Karolong e ka borwa ba lefatshe. Dilemong tse leshome tse fetileng, indasteri e kile ya kopanngwa le dibaka tse loketseng ho hodisa tholwana ena.

Nako ya Selemo ya Tlhahiso

Afrika Borwa, Sharon™ Fruit e kotulwa ho tloha bohareng ba Mmesa ho fihlela pheletsong ya Motsheanong mme e fumaneha ho fihlela ka Phato.

Dibaka tsa Tlhahiso

Tholwana ena e hlahiswa haholo borwa ba Kapa, karolo ya Kapa Bophirima mme e iswa setsing sa ho paka le ho sebetswa sa ARISA se Buffeljagsrivier haufi le Swellendam, Kapa Bophirima. Le ha ditholwana tse ding tsa Sharon™ Fruit di rekisetswa mmaraka wa lehae, boholo ba tholwana bo romelwa ka tsela ya lewatle boemakepeng ba Cape Town.

Dibaka Tseo ho Romelwang ho Tsona

©Louise Brodie

Mmaraka o moholo wa Afrika Borwa o romellwang Sharon™ Fruit ke European Union, mme boholo bo lebisitswe mananeong a mabenkele a maholo a Leboya la Yuropa le United Kingdom.

Ditekanyetso tsa Tegniki ya Mangolo

Di-persimmon tse sa tswa kotulwa tse tswang Afrika Borwa di ikamahanya le ditekanyetso tsa boleng tsa ho romelwa kantle ho naha tse thehilweng ke PPECB (Perishable Products Export and Control Board) ya Afrika Borwa.

Translated by Maletsatsi Sejake