Taolo ya Tshimo ya Parsley

© Louise Brodie

Ho Potolohisa Tshimo

Ho potolohisa tshimo e feng kapa e feng ya maloko a fapaneng le ho leka ho potolohisa tshimo e le nngwe dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo.

Kgolo - ditone bakeng sa hektara

Paballo
4 dithane tse foreshe, 0.5 dithane tse ommeng
Karolelano
10 dithane tse foreshe, 2 dithane tse ommeng
Nepahalo
15 + dithane tse foreshe, 5 + dithane tse ommeng

Kotulo

Ho ya ka boholo ba sebaka,parsley e kotulwa ka bobedi ka matsoho le ka metjhine e kotulang. Kotulo tse tharo ho isa ho tse hlano di ka etswa semeleng se le seng.
Ha ho kotulwa persely ho bohlokwa ho kotula hoseng ho thibela thuwo le ho isa makgasi sebakeng se phodileng bakeng sa ntshetso pele hang ka mora ho kotula.
Ha ho kotulwa parsley bakeng sa omiso motjhesong wa hoseng o etse bonete ba hore makgasi a omme. Kgaola kutu 10 ho isa 15 cm ka hodimo ho mobu ka makgasi a setseng semeleng ho potlakisi kgolo hape.

Poloko

Poloko ya parsley e foreshe e lokela ho ba bonyane 1°C to 2°C le mohodi o ka hodimo ho 90% bakeng sa poloko e hodimo dibakeng tse robedi.
Poloko ya parsley e ommeng e lokela ho ba ka kantining e kwetsweng mme e bewe sebakeng se phodileng, se ommeng.

Disenyi

Disenyi tse tsebahalang ke: aphids, army worms, nematodes, slugs, snails, snout beetles, thrips le weevils.

Mafu

Downey mildew, leaf spot, powdery mildew.
Ho bohlokwa ho ho fumana setsebi sa keletso ya maemo a selehae le tshireletso ya kwetliso ya tshimo ya parsley ho tswa moofisiring wa katollo ya selehae kapa setsebi sa tshimo.

Translated by Sebongile Sonopo