Sebaka sa Tlhokomelo ya Ditshebeletso Meedi yohle ya Limpopo-Shase
Toro ya Dongola
Ka Phuptjane 2006, Afrika Borwa, Zimbabwe le Botswana di saenetse Memorandum of Understanding (MOU) e bontshang boitlamo ba bona ba mantlha le morero wa ho theha Limpopo-Shashe Transfrontier Conservation Area (TFCA). Sena se ne se tla ba Serapeng sa Sechaba sa Mapungubwe, leboya la Tuli Game Reserve e Botswana le Tuli Circle e Zimbabwe - sebaka se ka bang 136 900ha. Dikarolo tse ding tse sa tshwaneng tsa mobu le tsona di ntse di hlahlojwa. Pale e ileng ya qala ka toro ya Jan Smuts ya Dongola e qetelle e tletse sedikadikweng se feletseng.
Dilemong tsa morao tjena, kgopolo ya ho theha dibaka tsa polokeho ya ditjhelete e fetohile e tummeng ka ho eketsehileng, ka lebaka la ho hola ha dintho tsa tlhaho e le tjhelete e ka tsheptjwang bakeng sa moruo wa naha. Tshebetso ena e tsamaisitswe ke mekgatlo e mmalwa, ho kopanyelletsa le Peace Parks Foundation, le Afrika e ka Borwa ke lehlohonolo ho fihlela ho na le dibaka tse ngata tse sireleditsweng tse kenyelletsang meedi ya dipolotiki.
Tsena di kenyelletsa: Greater Limpopo (pakeng tsa Kruger le Mozambique), Ai-Ais-Richtersveld (pakeng tsa SA le Namibia), Kgalagadi (pakeng tsa SA le Botswana), Maloti-Drakensberg (pakeng tsa SA le Lesotho), Lubombo (pakeng tsa SA, Swaziland le Mozambique), le TFCA ya disele tse pakeng tsa Malawi le Zambia. Hona jwale ho na le Limpopo-Shashe.
Tshireletso e Feletseng
Di TFCA tsena ke tsa bohlokwa kahobane di tlosa terata mme di dumella ho tsamaela ha diphoofolo tse hlaha (le bahahlaudi) ho pholletsa le dithaba tse kgolo tsa naha. Boikemisetso ba pakeng tsa SA, Zim le Bots (ho ba fa dihlooho tsa bona tse tlwaelehileng) ka hona ke tshebetso e kgolo ka ho fetisisa ho sireletsa le ho tsosoloswa ha sebaka sa Mapungubwe. Ho na le merero ya ho atamela UNESCO le ho kopa ho atoloswa ha Maruo a Lefatshe a Mapungubwe ho kenyelletsa TFCA e kgolo.
Mme motho a ka nahana feela ka mehlolo ya Limpopo-Shashe TFCA. Baeti ba tla kgona ho fumana lefa la boholo-holo la Mapungubwe, ebe ba fetela lebaleng la Tuli bakeng sa ho tsoma ha diphoofolo tse kgolo tse hlano, ebe ba kena Zimbabwe ho etela metse le dibaka tsa moo bakeng sa lefa la bophelo. Hape ho na le dibaka tse ngata tse tsejwang ka ho fetisisa tse epollang dintho tsa kgale tsa Botswana, tse letetseng ho hlahlojwa.
Translated by
Bongani Matabane