Sausage Tree
Sefate sa Boroso

© Shem Compion

Lebitso

Sefate sa Boroso (Sausage tree)

Lebitso la Selatini

Kigelia pinnsta

Tlhaloso

Sefate sa Sausage sa sub-Saharan Afrika e ntle haholo. Se bokgubedu ba madi dipalesa di leketla makaleng a malelele. Monko o monatewa palesa ha o kgahle batho empa o hohela bomakgane, ba nkang peo. Ha palesa ewa sefateng diphoofolo di atamela hoja lero.
Ditshwe, dikolobe tsa morung, diphuthi le dinonyana ka ofela dija sefateng sena. Tholwana e putswa e hola ka hare ho palesa. Tholwana e putswa ena etshwana le boroso mme e ka hola bakeng sa dikgwedi hoba bolelele ba leoto. Ebe boima ba diponto tse 10.

Dipalesa le ditholwana

Palesa e kgubedu ba madi ya sefate sa Afrika Borwa e palesang bosiu boleleleng ba lehlaka lekang thapo le leketlileng ho tlowa leotong la sefate sa Tropiki. Monko o monate wa lero la palesa peo ya teng e tsamaiswa ke bo mankgane, dikokonyana le dinonyana tsa letsatsi di nka peo hoya sebakeng sa matswallwa.
Dithilwana tse seng di butswa lehlakeng le letelele di tshwana le giant sausage. Di kaba bolelele ba maoto a mabedi le boima bah o fihla ho diponto tse 15.

Tshebediso

Letlalo la tholwana le sebediswa ho etsa tomoso ya jwala ba selehae. Dikgetla di bolokwa jwalo ka disebediswa tsa tumelo le tse sebediswang ho tshwara meya e ditshila, di hlahisa le dae e kgubedu ha di bidisitswe. Ditlotsa mmele di etswa hotswa ho tholwana mme di sebediswe bakeng sa ho lokisa letlalo.
Meroko ea ntshiwa e entsweng ka kutu le methapo e meholo ya sefate. Seketswana se ileng sa sebediswa dilemong tse dikete bakeng sa transporoto Okavango river, Botswana e entswe ka sefate sena. Boroso ha e jewe empa letlalo sebediswa bakeng sa meriana. Ho bohlokwa haholo ho e sebedisa bakeng sa mahloko a letlalo haholoholo mofetshe wa letlalo.
Tholwana ea tjheswa ho etswe molora mme e dubuwe ho etswa seretse ka oli le metsi ho etswe motswako o tlotsang sefahleho.

Moo difumanehang

E fumaneha sub-Sahara Afrika hoy a Botjhabela ba Afrika Borwa.