Rock Hyrax
Pela

© Roger de la Harpe

Lebitso

Pela – e tsejwa hape ka Senyesemane ka lebitso la Rock Hyrax [Procavia capensis]

Tjhadimeho

Pela le tlou ke diphoofolo tsa leloko le leng, le ha difapana ka boholo. Kamano ena ya ebolosi e tswa ho ka mokgoo meno le maoto a tsona a tshwanang ka teng.

Dijo

Pela e ja jwang le dimela. E atisa ho ja jwang ha bo le teng ka nako ya dipula. Empa, ha ho omme, e tla ja semela se seng le se seng se teng. Dimela tse taha le monkgo o motle le boriba e ka sebediswa ka nako tsena.

Tswalo

Madinyane a pela a tswalwa maqalong a lehlabula ka morao ha nako ya ho tswala ya dikgedi tse supileng. Dipela tse ding tse tshehadi di ka ima pele di ba dikgwedi tse 12 ka dilemo. Madinyane a ka hlaha a le mabedi kapa mararo. Pela e tona e ka tswala le tse tshehadi tse 17 mohlapeng. Dipela tse tona tse hodieng di atisa ho phela di le ding holwana le mohlape o tjena.

Boitshwaro

Pela e atisa ho robala letsatsing hodima majwe a maholo, haholoholo hoseng le phirimane. Pela ke nyamatsane ya dintsu, caracal le mangau.

Di fumanwa kae

Di atisa ho dula moo ho nang le majwe teng Aforikaborwa ka bophara. Dipela di lebelo hape di rata ho hlwa difate moo difate tse kgolo di melang dithabeng.

Pokello tsa bohlokwa

Lebitso la Selatin – Procavia Capensis
Bokalo (tshehadi) – dikilogeramo tse 2.5 – 4.2
Bokalo (tona) – dikilogeramo tse 3.2 – 4.7
Bolelele (tshehadi) – disentimetara tse 55
Bolelele (tona) – disentimetara tse 55
Nako ya tswalo – dikgwedi tse 8
Madinyane – 1 – 6
Dilemo tsa ho tswala – dikgwedi tse 17
Bokalo ha di tswalwa – digeramo tse 165 – 230
Otara – Hyracoidea
Lelapa – Procaviidae
Tswalo – madinyane a 1 – 6 a tswalwa ka Loetse/Mphalane le Hlakola/Mmesa ka morao ha kgweditse supileng tsa tswalo

Mothalo wa maoto

Pela e na le menwana ya maoto e mene maotong a ka pele le menwana ya maoto e meraro maotong a ka morao. Menwana ena e na le dinala e seng monwana o kahare leotong le ka morao, moo e leng ngwaparelo ya ho itlhatswa. Solo ya leoto e feela ka lelalo le letenya le bang metsi ho thusa motsamao wa teng ha e hata moo ho leng moepa le moo ho leng boreledi kapa ho hlwa difate ka lebelo.