Kofi Annan o ile a nka monyetla o felletseng ka moketjana wa Nelson Mandela memorial Lecture ya bohlano ka 22 Phupu 2007, e le ho tlotla lebitso la Nelson Mandela le botho ba hae ka ho hatella bo teng ba mofumahdi wa hae le mofumahadi wa hae ya nane ka ba teng moketeng, mme a tlatseletsa ha monate ka rorisa: “Ke tlotla e kgolo ho nna ho fana ka Thuto ya Mandela ya selemo sena. Pele e re ke qale mona, ke batla ho hlakisa ho hong. Ke fana ka thuto ho tlotla Nelson Mandela.
Ha ke fane ka thuto hohang ho Nelson Mandela. Ke ne se sena. Ha eba nka nahana, ke hopola o ne a mamela ka mosa le pelo e telele. Empa e re ke o bolelle sena: motho ha a nke thuto ho Mandela. Tjhehe e seng ka letsatsi la hae la tswalo, le ka letsatsi le feng kapa le feng.
E kanna yaba o nyahladitse dikantoro tsa hae nako e fitileng, empa ha a nyahlatsa e le nngwe ya matla a botho ba hae ba tlhaho. Ka mabaka a mang o ne a ntse a hatelletse ho mpitsa ‘mongaka’ Dilemo tsohle, ne e re ha ke mo letsetsa o ne a araba a re ‘Mongaka, ho jwang mongaka?’. Ke mmotse hore nkaba monga hao jwang? O tla arabela a re mongodi kakaretso wa UN. Mme a hatelle, ke nahana o ne a ipapalla ka nna. Empa o ne dula a le jwalo.
O mmona ka lebonyo la hae le theko e hodimo. Nelson Mandela e kanna yaba monna ya lokileng, ya tlotlehang, le hoba mohale wa seswaswi eo lefatshe le motsebang. Ebile ke e mong wa banna ba matla. Kaofela re ya tseba sebete le phehello eo a di boneng dilemo tse 27 tjhankaneng le ho bona Afrika Borwa ho ya qetellong ya kgatello, ho le thata, empa a tswella ho ya tokolohong.
Lefatshe le ile labona hore tumelo ya hae etebile ha kae tokolohong, seriting sa botho le tokelong ya botho ho phethahatsa ditoro tsa hae. Le ho sebetseng mmoho, ke ile kaba lehlohonolo ho bona boitelo ba hae ho phetahatseng seo. Ke ile ka mmona dipuisanong tse matla jwalo ka tsa Burundi, moo a neng a kopa hore ba behe dithunya fatshe ba etse kgotso. Ha a ne a hlokomela se etsahalang, o ile a re, ‘Lona banna le etsa hore ke be le dihlong ho ipitsa MoAfrika’.
Ho fuma qoso ho tswa ho motho ya etsa hore bohle re be motlotlo ho ba MaAfrika. O ka nahana matla a matswe ao, kapa mohlomong o keke wa a utlwa. E ne ele motsotso o matla ka ho fetisisa. Mme o ne o ena le kgahlamelo ya boikemisetso bo itseng. Boemong bo bong, kapa melao theong e meng Mandela ha a tsitsinyehe. Ha nako e fihla ya pheletsong ya bopresidente jwalo ka ha le tseba, boholo ba batho ba ne ba batla a nne a tswele pele ho dula.
Empa o ne a ikemiseditse ho ho tlohala kantoro. Ona ke mohlala o motle bakeng sa kontinente, moo dipresidente di sa batleng ho theoha ka ho fetola melao-theo le kgomarela boetapele dilemo lemo. Ho nale dipresidente tse ileng tsa nka malebela ho Mandela ka mora hoba mopresidente: hore boetapele ha se ha feela o etsa diqeto.
Translated by Sibongile Sonopo