Kajeno baTswana ba ka arolwa ka dibaka tse ngata tse ikemetseng sebakeng sa habo bona (le hoja ho latela melao ya Botswana kapa Afrika Borwa), boholo ba bona bo fapaneng le ba dikete tse mmalwa ho ya dikete tse makgolo, ho kenyeletsa le meloko e meraro e meholo ya Botswana.
E mong le e mong o laola ditaba tsa hae tlasa mookamedi (morena), empa ho na le phapang e kgolo pakeng tsa merabe ya Botswana le Afrika Borwa. Batho ba Batswana ba Afrika Borwa ba kile ba wela tlasa tsamaiso ya naha ya Bophuthatswana Bantustan.
Moloko o mong le o mong o na le sebaka sa wona le lebitso la hae, hangata ho tswa ho morena ya fetileng kapa mothehi wa lesika la borena, ka dinako tse ding ho tswa ho totema ya lelapa la borena, sebaka sa motse-moholo wa kgale, kapa ketsahalo ya histori. Moloko ka mong o na le metswako e fapaneng, e bolelang hore ditho tsa moloko o le mong di ka fapana ka meetlo le dipuo.
Sena se bonahala haholo moo batho ba kenyelletsweng molokong ba kgetha ho dula ba kgetholla, mme ba sebedisa phapang e le letshwao. Batho ba Batswana ha ba jwalo, mme ha e eso be, e kwetswe, ka ditho tse tsitsitseng. Ke mekgatlo eo batho ba ka bang dintho ka yona, tswalo, ho hapa kapa ho kenella ka boithatelo. Ditho di ka boela tsa lelekwa ke mookamedi, kapa tsa tloha ka boithatelo ho ya kopana le moloko o mong.
Kajeno, batho ba bangata ba Batswana ba metse e mengata jwaloka Johannesburg ha ba ikamahanya le moloko leha e le ofe, le hoja bohle ba lemoha ho kopana le totema mme kahoo ba ananela dikamano tsa meloko ho ba bang ba nang le totema eo.
Mokgwa o tshwanang wa ho kenngwa ho oona moo merabe e ileng ya thehwa, ho sa tsotellehe tekanyo e kgolwanyane, e bopile se bitswang Botswana kajeno. Dihlopha tsa yona di ile tsa bokellwa ka bonngwe ka lebaka la ho kenella ha bokolone tse ileng tsa etsa tshireletso ya Bechuanaland eo hamorao e ileng ya fumana boipuso jwaloka Botswana.
Boiteko ba ho ikopanya ha Batswana ka hare ho Afrika Borwa bo ile ba etsa tshebetso e rarahaneng haholo e amanang le puso ya mohatelli wa Bophuthatswana Bantustan, e leng sebopeho se qhaditsweng tlasa kgethollo ya ya morabe. Baeta-pele ba Tswana ba tsejwang ka mekgwa ya kgethollo ya molao ba tswela pele ho bolela hore boemo le tokelo ya ho busa batho ba bona.
Totemism, kgumamelo ya phoofolo, semela kapa ntho, e se e le kgale e le karolo ya bohlokwa sechabeng sa Tswana. Motho e mong le e mong o amahanya totem, mme bohle ba
amahanngwang le totem eo ba bolelwa ba amana le ba bang, ka tlwaelo ba nka totem ya ntate ya bona, le ntate. Batho ba nang le totem e le nngwe ba bolela hore ba ka etsisa dikamano tsa bona tsa meloko ho ba bang. Mokgatlo o fokolang o se o qetile nako e telele ho arola ditho tsa morabe. Ditho tsa moloko o le mong ha di eso kopane le totem e le nngwe, leha e le hore ba kopantsweng le totem ha e le hantle ba ditho tsa moloko o le mong.
Ka mohlala, Ngwaketse e kopantswe le di-totem tse fapaneng le tse pedi le hoja ditho tsa moloko o moholo di arolelana totem e le nngwe. Ditumela-kgwele tse ngata di laola mokgwa wa tshebetso ya batho ba Batswana, ditlaleho tsa kamoo totem e ileng ya amohelwa kateng. Melao ya boitshwaro e thehilwe ho pota-potile ditshomo tsena, mme ho se hlokomele ho hloka hore moetsi wa molao a etse mokete wa ho hlwekisa ho thibela malwetse kapa tlokotsi e nngwe.
Translated by Sebongile Sonopo