Dilemo tse ka bang 150 tse fetileng kapa ho feta, kaofela marena ba Afrika e borwa le Ba-Khoi-san ba ne ba phetha ditlwaelo tsa ho lokisetsa batjha,ba batona le ba batshehadi, bakeng sa boikarabelo ba bona ba kamoso.
Ka nako e nngwe e sa tsejweng ya kgale, borena ba Maxhosa bo ile ba amohela ho sehwa e le mokgwa o ka sehloohong wa lebollo la ba batona, mohlomong ho tswa mohloding wa Sesotho, mme o se o amahanngwa le bona ho tloha ka nako eo.
Ha nako e ntse e feta mme haholoholo ka tshusumetso ya Maxhosa, lebollo le ile la amohelwa ke marena a boahisane a jwaloka Thembu, Mfengu, Bomvana, Xesibe, Mpondo le Mpondomise.
Ha ho pelaelo hore qalong lebollo le ne le na le moelelo wa bohlokwa wa bosole, e le teko ya bohlokwa ebile e le boima ho bahlankana ba neng ba tla sebeletsa e le bahlabani pele ba tshwaneleha ho ka nyala.Ha Dingiswayo, ya busitseng pele ho Shaka, a hlahisa botsamaisi bona bo thata Zululand, lebollo la Sezulu le ile la kgaotsa.
Ka nako e fetileng, motho e mong le e mong ya bollang wa Moxhosa o ne a fuwa marumo le melamu ke ntatae le bo-rangwane ba hae ka mokete wa ho tswa mophatong(umgidi) o neng o etsetswa ho kenyeletsa makolwane(abakhwetha) hape setjhabeng ha ba tswa dihlahleng moo ba neng ba arohantswe le batho teng.
Ho bolla ho ntse ho etswa ka mokgwa o fokoditsweng ke batho ba buang Sexhosa, ka bobedi ditoropong le mahaeng, le hoja tshebetso ya yona e ntse e belaelwa ke dingaka.
Ho tloha mathwasong a dilemo tsa 1990, palo ya makolwane a kulang mmeleng le kelellong, ebile ba bang ba e shwa, ka lebaka la tshebetso ya lebollo e ntse e eketseha selemo le selemo. Tharollo ya mathata ana a tshwenyang e itshetlehile ho beheng lebollo(ho sehwa) ka bolona matsohong a ba kwetlisitsweng ho tsa bongaka.
Translated by Maletsatsi Sejake