Mefuta e Fapaneng ya Kolobe

©Elsabe Visser
The large white is a big pig with exceptional growth rate.
Kaha ha ho mefuta e phethahetseng mme mefuta e meng le e meng e na le matla le mefokolo e ikgethileng, kgetho ya mefuta ke bothata ba kgetho ya botho. Ha o etsa kgetho ena, ha wa lokela ho nahana feela ka tsebo ya hao ya tlhahiso, empa le hore na o na le mmaraka o tsitsitseng wa dihlahiswa tsa hao le hore na o tla kgona ho fana ka phepo e nepahetseng le matshediso a hlokahalang ka mefuta e kgethehileng ya ho atleha.
Temana ya ho nyadisana ka mefuta-futa e ka sebediswa ho ntlafatsa boleng ba nama, mme bana ba banyadisa bana ba rekiswa mmarakeng. Mona ke tse ding tsa mefuta ya dikolobe tse sebediswang Afrika Borwa:

Large White

Mofuta ona wa Senyesemane o ile wa kenngwa Afrika Borwa ho pota 1890s. Jwalokaha lebitso lena le bontsha, ke mofuta o moholo wa letlalo le sweu le hlahisang madinyane a matle a nang le ditekanyetso tse ikgethileng tsa ho hola le phepo e ntle. Di etsa tse tshehadi tse sireletsehileng le dikolobe-moru ke basebeletsi ba molemo, le hoja tse ding di e na le mathata a hodileng morao, ka mora dikgwedi tse supileng ho isa ho tse robedi.
Dikolobe tsa Large White di nkwa e le tsona tse ka sehloohong tse hlahisang mefuta e meholo le ha di nyadiswa ka mofuta leha e le ofe o hlwekileng, di tla hlahisa bana (madinyane) ba mofuta o babatsehang wa bacon. Di hlahisa tse tshehadi tse nang le ditshobotsi tse ntle tsa ho etsa madinyane, ha di kopanywa le Landrace.

Landrace

©Glenneis Kriel
Landrace pigs have excellent growth rates.
Landrace ke mofuta wa Denmark o nang le letlalo le lesweu le hlahisitsweng ke ho nyadiswa le di Large White le di kolobe tsa Denmark. Di ile tsa kenngwa ka ntle ho tloha Holland ho ya Afrika Borwa ka 1952. Lekgalo le amahanngwa le ditekanyetso tse ntle tsa ho hola le phepo e nepahetseng, ha mefuta e ntlafaditsweng e tsejwa ka ditshobotsi tsa yona tse ntle tsa ho ba mme; ho hlahisa madinyana a mangata ka tlwaelo ka nako e telele.
Lenaneo la tlhahlobo la bana ba dikolobe tsa Afrika Borwa, le qadileng ho ya qetellong ya dilemo tsa bo 1950, le hlahisitse tswelo-pele e hlollang, hore mefuta ena e tsejwa e le Landrace ya Africa Borwa. Ho ya ka buka ya David Visser, Modern Pig Production, kgatello ya Afrika Borwa e amahanngwa le mathata a ho tsitsa ka lebaka la bobebe bo feteletseng ba masapo, ha tse ding tsa mefuta e mengata e mesifa mose ho mawatle di kotsing ya ho imelwa kelellong, e hlweswa makwalaba ke maemo a chesang a lehodimo le maeto a malelele ho ya mmarakeng.

Chester White

©Liezel Grobler
Mofuta ona o simolohile United States ho tloha pakeng tsa diphoofolo tsa Yorkshire le Lincolnshire. Di Chester Whites tsa pele di ne di romelwa ho tswa United States ho ya Afrika Borwa ka 1983. Mofuta, o nang le letlalo le lesweu, le boholo bo lekaneng, o na le masapo a matle mme o etsa mapolanka a sebetsang hantle. Di atleha ka maemo a mangata le a maholo mme di sebediswa ka ho kgetheha e le ho hlahisa bana ba nyadiso ya Large White kapa Landraces. Ha ho na bahlahisi ba bangata ba di Chester Whites Afrika Borwa.

Duroc

©Elsabe Visser
Duroc boars are primarily used in crosses with white breeds.
Ona o mmala o bokgubedu bo rusitseng mofuta o simolohile United States ho tloha mefuteng e mene ya dikolobe tse kgubedu. E ile ya kenngwa ka lekgetlo la pele Afrika Borwa ho tloha Canada ka 1980, ho etsa hore ho be le mefuta ya boraro, haholo-holo bakeng sa ho fapana.
Dikolobe-moru di na le takatso ya ho tlolelana e ntle mme di sebediswa ka ho kgetheha difapanong tse nang le mefuta e meholo e mesweu, ho hlahisa bana ka mekgwa e metle ya kgolo, bokgoni ba dijo le boleng ba nama. Modern Pig Production, e eletsa ho rekiswa ha bana bohle, hobane ba rua karolo ya diphatsa tsa lefutso tsa Duroc tse nang le mmala o bosootho bo bokgubedu o hlahisang mathata moo ho hlabelwang diphoofolo teng. Mofuta wa Duroc, leha ho le jwalo, o hlahisa nama e nang le mararo e metle haholo ho feta ya mefuta e meng e mengata.
Tse tshehadi di hlahisa madinyane a mangata, empa di nkwa e le bo mme ba futsanehileng. Mefuta ena ha e kgone ho hlaselwa ke kgatello ya kelello.

Translated by Bongani Matabane