Marula Tree

© Geoff Nichols

Lebitso

Marula (Marula Tree)

Lebitso la Seltini

Scelerocarya birrea
Hotory e bontsha ha sefate sa Marula se tswa dilemong tse dikete tse fitileng. Thuto ya botho e paka ha sefate sa Marula haesale ele mohlodi wa dikwetla bakeng sa dilemo tse 10 000 tse fitileng. Marula ke se seng sa letlotlo la botaniki sa Afrika. Pomongwe Cave, Zimbabwe ho bolelwa ha bonyane ho jowe ditholwana tse 24 million tsa Marula.
E seng feela ditholwana matokoname a tsona a riule diminerale le divitamini. Bahale ba ne ba sebedis asefate, makgapetla, makgasi, ditholwana, matokomane le khenele bakeng sa mabaka a fapaneng. E tsebaha ka ho etsa tlou e kopane hloho ha tholwana e wela fatshe, hanyane e sebediswa ele tomoso, Marula ke sefate se ratwang haholo tshimong Afrika. E ne ele motheo wa dijo afrika Borwa, Botswana le Namibia.

Tlhaloso

Ke sefate se hlohlorehang, mme se hola ho fihla boleleng ba dimitara tse 18. Di hola mefuteng e fapaneng ya meru, santeng ya mobu o letsopa.di ka fumanwa ho tloha Ethiopia hoy a KwaZulu Natal. Di dipalesa ka Lwetse ho isa ka Pudungwana, e behe ditholwnana ka Pherekgong ho isa Mmesa. Ditholwana di ya jewa mme di nale vitamin C e hodimo. Dikolobe tsa moru, ditlou, dikgama tsametsi, dithuhlo le dikudu kaofela ha tsona di ja ditholwana le makgasi a sefate sena.

Tshebediso

Letlalo la tholwana le ka bediswa ho etsa seno, kapa sa beswa ho sebedisa bakeng sa kofi. Patsi e bonolo mme e ka sebediswa ho bakeng sa hojeka, karolo e ka hare ya lekgapetla e ka sebediswa ho etsa thapo. Tholwana ya Marula ha e sale e sebediswa bakeng sa mohlodi wa dijo Afrika ho tloha dilemong tse fitileng. Lekgapetla le ka sebediswa hape ho etsa dae e sootho bo kganyang. Dirurubeletse kgolo tsa bo mokone di bokane sefateng ho tlo besa le diboko tsa bo maleshwane.
Ka hare ho tholwana ke matokomane a mabedi a latswehang a riuleng proteini. Oli e sebetsa jwalo ka ditlotsi tsa letlalo, makgasi a matala a jewa ho fedisa lesokolla. E nale motswako o thusang ka ditshwaetso e thusa le ho hlwekisa ka ho inela ka hara metsi a belang ebe o hema musi. Lekgapetla ha le silwa le kopanywale poreima le metsi a batang o kwenya e fedisa letshollo. Lekgapetla le sebediwa hape le ho thibela Malaria.

Tholwana

Tholwana ya Marula e nale lero le monko o monate ebile e boholo ba poreima. E ka jewa e le foreshe mme karolo e ka hare e ruile vitamin C, e ka phehwa ho hlahisa Jame, seno le jwala.

Moo di fumanehang

Merung e fapaneng, tshimong tlase Mpumalang ho kenyeletswa le Kruger National Park.

Dintlha tse hlokolosi

Marula e hlohlora makgasi , ho bolelang hore e nale bong bo itseng. Sena se tlatseletsa tumelong ya maVenda e reng lekala le ka bolela hore ngwana ke mong e bang mme a imme. Ha mme a batla moshanyana ho sebediswa le sefate se setshehadi, ha a batla ngwanana ho sebediswa se setona. Ha ngwana a ka hlaha a se neng se lebeletswe ngwana eo e ba ya ikgethang hobane a hlokomolohile badimo.