Makhomoreiti a kopantsweng hape: Nelson Mandela le Oliver Tambo

© Dr Peter Magubane
Makhomoreiti a kopantsweng hape: Oliver Tambo le Nelson Mandela ba kopana ka lekgetlo la pele mobung wa Afrika Borwa hore Tambo a kgutle ho tloha dilemo tse 30 a le kgolehong ka la 13 Tshitwe 1990.
Oliver Tambo e ne e le mosuwe wa Afrika Boroa, mmuedi wa molao le moiketsi wa bohanyetsi ba apareteiti ya ileng a ya botlamuweng dilemong tsa bo 1960.
O ne a batla ho ithuta meriana, empa ha ho na univesithi e ileng ya amohela diithuti tsa batho ba batsho yaba o kgetha ho ithuta dipalo le fisiks Univesithing ya Fort Hare moo a ileng a kopana le Nelson Mandela pele. Ka 1942 o ile a kopana le Walter Sisulu, Gauteng, mme a ikopanya le sehlopha sa batho ba nang le kelello (e neng e kenyeletsa Nelson Mandela) ba neng ba tsosolosa African National Congress (ANC).
Tambo o ne a tshwaneleha jwaloka mmuedi wa molao ka 1952 mme o ile a buisana le Mandela, eo hape e neng e le mmuedi wa molao, ho theha kgwebo. Ba ile ba theha diofisi Chancellor House Gauteng, e le setsi sa molao se bitswang Mandela le Tambo.
Tambo o ne a le botlamuweng ka dilemo tse 30 a tsamaya ka bongata ho ya letsholo la ANC le ho hlalosa boemo ba kgethollo ya molao Afrika Borwa. O ile a buisana le Machaba a Kopaneng ka 1963 moo kopo ya hae ya ho lokollwa ha batshwaruwa ba dipolotiki e fumanweng e le boima bo matla.
Ho kgethwa ke seboka sa Oliver le Nelson ka lekgetlo la pele mobung wa Afrika Borwa ho tloha ha Tambo a kgutla ho tloha dilemo tse 30 tsa botlamwa ka la 13 December 1990.

“ha ke tswa hoy a lemating haufi le heke ya tokoloho yaka, ke ile ka tseba hore ebang ke sa siye ko kwata le lehloyo laka morao, ke tlabe ke ntse kele tjhankaneng.” ~ Nelson Mandela

Mandela 100 - Mandela: A Man of Principle

Brenda Fassie, sebeni sa pop sa Afrika Borwa ka kgatello ya maikutlo, o amohela Mandela....more

Mandela 100 - The Charm of Mandela

Nelson Mandela o ile a kgutlela ha hae Soweto ka morao hore a lokollwe teronkong ka 1990. Nelson o holetse No. 8115 Vilakazi Street mme e se...more

Mandela 100 - The Fight for Freedom

Mandela yaneng a ratwa ke batshehetsi ba hae mme e le letshwao la tokoloho bakeng sa bohle. O atisa ho bonwa e le sebopeho se kang Modimo Af...more

Mandela 100 - The Mandela Legacy

Ka 1991, Nelson Mandela o ile a fumana Honorary Doctorate ho tloha Univesithing ya Witwatersrand e Gauteng bakeng sa boitlamo ba hae ho naha...more