Letsatsi Poelano

Ka la 16 Tshitwe 1995, kgetlo la pele, ka hara Afrika Borwa ho ketekwa letsatsi la poelano moo ka bobedi MaAfrikannere le balwanedi ba tokoloho ba setso ba neng ba ananela ka letshwao ho ba karolo la tokoloho le setjhaba se lekanang. Letsatsi la 16 Tshitwe, ke letshwao ka lebaka la mekete e ileng ya etsahala Afrika Borwa ka merusu e fetileng. 

©Eric Miller

Ka 1838, di Voortrekkers di ne etsa boitukisetso ba ho lwantsha MaZulu ntweng madi a noka. Ka 16 Tshitwe ba ile ba nka kano ka pele ho Modimo hore ba lokela ho hlola MaZulu, mme ba tla aha kereke mme ditloholwana tsa bona bona letsatsi lena e le teboho. Nakong ya dilemo tsa kgethollo, 16 Tshitwe e ne e le taelo e le letsatsi la phomolo e neng e tsejwa ka letsatsi la kano.

Tshitwe 16 e ne ele hape letsatsi leo Umkhonto we Sizwe (MK) e neng qalwa ka 1961. Hofihlela kajeno, African National Concress (ANC) ba sebedisa mokgwa wa ntwa wa kgotso ho lwantsha ho hloka toka ha kgethollo. Empa ka mora Sharpeville Massacre ka 21 Tlhakola 1960, moo ho ileng ha thunywa bahwanti ba kgotso, ka ho se kgethe, ho ne ho bonahala e ka bahwanti ba kgotso ba keke ba fetola melao ya kgethollo.

Umkhonto we Sizwe o ile wa qalwa e le lepheo la sesole sa ANC. Mosebetsi o moholo wa MK e ne ele ho etsa diketso tsa sabotasi tse tla tlisa maikutlo ho ntweng kgahlano le kgethollo. Empa dintho tsa mokgatlo le ho tshwarwa ha baetapele ka 1963 ho ile ha nyopisa morero wa MK. Le ha hole jwalo, ho thehwa feela, 16 Tshitwe e ile yaba letsatsi la ho keteka MK.

©Eric Miller
Tshitwe 16 e ile ya dula letsitsi la phomolo Afrika Borwa, empa ha jwale e emela tokoloho le kopano ya setjhaba, moo dithuto le bohloko ba nako e fitileng bo qalang tshepo e ntjha bakeng sa naha le baahi. MaAfrika Borwa ohle a kotjwa, haholo letsatsing lena hore ba ntjhafatse boitlamo ba bona dikgopolong tsa seriti sa botho le tekatekano.

Translated by Sebongile Sonopo