Lenyalo Setjhaba Sa Ntwana

Mosebetsi Wa Setjhaba

©Dr Peter Magubane

Lenyalo setjhabeng sa Ntwana ha se la motho a le mong empa ke taba ya setjhaba sohle, ho tiisa dikamano pakeng tsa leloko. Hape ke tsela eo monyaduwa le monyadi ba tlotlwang ka boemo ba ho ba batho ba baholo ka yona.

Le ha ho se sekgobo dikamanong tsa setjhaba sa Ntwana, lenyalo dipakeng tsa boMotswala le ntse le dumellwa. Mokete wa lenyalo ke wa matsatsi a mabedi, wa pele o ba lapeng la batswadi ba monyaduwa e be kamora moo ho uwa habo monyadi. Ntle le taba ya hore boholo ba setjhaba sa Ntwana ke Bakreste, manyalo a phethwa ho ya meetlo ya Sentwana. Monyadi o tena sutu ya sejwalejwale e kgabisitsweng ka letlalo la phoofolo sefubeng.

Ka lehlakoreng le leng, monyaduwa o apere diaparo tse ntle tsa setso, tse kenyeletsang lesiba le hlonngweng hloohong kapa moqhaka wa difaha, hangata o mofubedu, o moputswa kapa o mosweu. 

Ntle le mose o apesang kapele le kamorao, o apara kobo eo a lokelang ho e lahlela mahetleng ha a etela lapeng le mmê matsale. Hona ho bolela hore ngwetsi ya setjhaba sa Ntwana o elelliswa hore ha se wa lelapa leo ho fihlela mmê matsale a mo etsetsa mosebetsi o mo amohelang lapeng leo jwaloka e mong wa  bona.

Le ha ka mantswe feela ngwetsi ya setjhaba sa Ntwana e le boemong bo le bong le monna wa hae, o nkuwa e le motho e moholo ka nako eo a bang le ngwana wa hae wa pele, hang ha ho tsejwa hore o na le pelehi. E tla be e le hona a ka aparang diaparo tsa setso tsa basadi ba BaNtwana - mose o kgabisitsweng - letsatsi le letsatsi.

Translated by Maletsatsi Sejake