Ho Shebella Dinonyana Mapungubwe

Sebaka sa ho Itpata ha Nonyana ho Maloutswa

©Jacques Marais

Monyetla wa ho shebella dinonyana bodulong ba tsona ba tlaho ho ntsha bodutu Mapungubwe ha bo fele. Sebaka sena sa boikgathollo se seterateng se nang le sepakapaka le mefuta e meng ya dinonyana e ka nyoloha. Ho nahanwa hore sebaka sena se na le mefuta e ka bang 400.

Sebaka sa ho ipata ha nonyana ho Maloutswa se hahilwe moeding wa metsi a mangata karolong e ka bophirimela ya serapa. E dutse leboteng le letle la lehong la noka mme le omeletseng, le fapaneng haholo le sebaka sa majwe a tlhaho a potolohileng leralleng la Mapungubwe.

Sebaka se pota-potileng sekoti se ne se senyehile hampe, empa tlhaho ya tikoloho ya dintho tsa tlhaho e ntse e fokotseha butle-butle ho tloha masimong a hlwekisitsweng. Boipato bo ntle bakeng sa diphoofolo tsa naha le ho shebella dinonyana. Bo haufi le Limpopo Forest Tented Camp.

Translated by Bongani Matabane