Ho Rua Podi ya Nama Afrika Borwa

© Gerrit dos Santos
Dipodi di hlahisa faeba, letlalo le lebese empa lebaka le ka sehloohong la ho boloka dipodi ke bakeng sa tlhahiso ya nama ya podi. Sena se ne se tlatsetsa dipodi tsa nama e leng karolo e kgolo ya palo ya dipodi tsa lefatshe.
Nama ya podi e tswa dinthong tse tswang ho dipodi tsa Boer, dipodi tsa matswallwa, hammoho le dipodi tse hodileng tsa Angora le tsa milch (dipodi tsa lebese). Chevon e boetse e tswa ho bana ba podi ba batona. Dihlahiswa tse ding tsa podi tse kang dihlahiswa tsa lebese le mohair di nkwa e le dihlahiswa tsa mantlha kapa tsa bobedi.

Ho ntshwa dipodi tsa kgwebo ho susumetswa ke boleng ba moruo wa dihlahiswa tsena - ka mantswe a mang, lebese le tlaase le dipodi tse hodileng tsa faeba dia bolawa bakeng sa nama.
Ho bolawa ha dipodi bakeng sa mokgwa wa setso wa nama ya podi ke leha e le efe tshebetsong ya indasteri ya ho rua di podi Afrika Borwa, sena se tlatsitswe ke dipodi tsa Boer le ho fumaneha ha nakwana ha dipodi tsa Angora.
Boholo ba dipodi (hangata dipodi tsa matswallwa kapa mefuta e mengata ya matsoho) tse sebediswang bakeng sa nama ya podi Afrika Borwa di hlajwa ka mokgwa wa setso le ho sebediswa bakeng sa tshebediso ya setso le bodumedi.
Boerbok SA e kgothalletsa papatso ya dipodi tsa nama pakeng tsa dilemo tse 3 le 12 ho hlahisa setopo sa boima ho feta 23 kg.

Ho ya ka South Africa’s Department: Agriculture, Forestry and Fisheries (DAFF) di fumanwa ho pholletsa le naha le diprofinse tsa Eastern Cape (39%), Limpopo (18%) le KwaZulu-Natal (13%) ke tsona dihlahiswa tse kgolo ka ho fetisisa, tse etsang karolo ya 70% ya dipodi tsohle tse phelang di hlahiswa Afrika Borwa (phuputso ya 2017).

Ho Hlajwa ha Dipodi

Ho hakanngwa hore pakeng tsa 0.5 ho ya ho 5% ya mefuta yohle ya dipodi e bolailweng SA ho ya ka dihlahiswa tse hlophisitsweng.
Dipodi tse sebedisitsweng mmaraka wa ‘bodumedi’ di atisa ho rekiswa di phela mme di hlajwa ho ya ka tlwaelo. Dipodi di hlajwa ka tsela e itseng ya machato: ho ya ka tlwaelo ya malapa, moo ho jewa ha nama e leng feela ho batho ba itseng.
Ditlwaelong tsa lepato, dingaka tsa setso di lokela ho anyesa madi le ho apara nyoko ya podi e le se rwalwang hloohong. Ka mora mekete e qalang ya banna, ba qalang ho keteka ketelo ya bona ya ho bolla le nama ya podi e hadikilweng le papa.
Ho ya ka Kalahari Kid Corporation, ho hlajwa ha dipodi bakeng sa ho romelwa naheng tse ding ho latela merero e thata ka ho fetisisa ya Halal le ya ISO le ho hlajwa selakgeng se amohelwang ka ntle ho naha, ZA105 e Groblershoop Northern Cape. Sebaka sa ho hlajwa ha diphoofolo se Colesberg se boetse se sebediswa mme ha ho hlokahala se De Aar.

Translated by Bongani Matabane