Folakga ya Naha Afrika Borwa

Folakga ya naha e neng e sebediswa ka 27 Mmesa 1994 e ne e entswe ke Mr Fred Brownekk, e leng hloho ya mehleng Afrika Borwa. Mebela le moralo ke boiqapelo ba hotswa folakgeng ya Afrika Borwa. Mebala e fapaneng le motswako wa mebala e nale tlhaloso e fapaneng bathong, ka hoo ha hona letshwao le itseng le ka amanang le bona.

©Roger de la Harpe

Bohlokwa ba moralo wa folakga o qala posong ya folakga wa ‘V’ o tswella ho ba lerapo le le leng le tshekaletseng ke tswellang qetellong kantle. Sena se bontsha ntshetsopele ya batho ba fapaneng Afrika Borwa ba nka tsela ya kopano. Tswelopele ena le kopano di tsa lepetjong la pele la molao wa boitshwaro wa Afrika Borwa – Kopano ke Matla.

Ho Fofosa Folakga

©Roger de la Harpe

Ha ho fofiswa folakga melao e itseng e lokelwa ho latelwa jwalo ka ha e hlalosiswe mmusong wa Gazette 22356, Tsebiso 510 ya 8 Phupjane 2001. Ebang o bontsha folakga ya setjhaba ya Afrika Borwa e tshekalletse o e phahamisa lemeno le lokela hoba ka letsohong le letshehadi mme mola o mokgubedu o lokela hoba ka hodimo.

Ha o e bontsha e tsepame kgahlano le lebota, mola o mokgubedu o lokela ho ba ka lehlakoreng le letsehadi la mmohi ka lemeno hodimo. Dikopanong tsa setjhaba, ka folakga ya setjhaba dula ka thoko kapa ka morao ho sebui, mme e lokela ho ba ka lehlakoreng le letona. Ebang e bewa nqa e nngwe ka kopanong, moo e lokela hoba ka lehlakoreng le letona la setjhaba.

Translated by Sebongile Sonopo

Letshwao le Netjha la Pale ya Afrika Borwa

Ka morao ho dikgetho tsa tsa pele tsa tokoloho tsa 1994, komishene ya letshwao la naha e ile ya nak boikarabelo ba ho botsa setjhaba sa MaAf...more

Matshwao a naha ya Afrika Borwa

Tshepe e bitswa ka lebitso la yona ho tloha ka mokgwa o bitsang (ho hlahisa pontsho) e tlwaelehileng ya antelope ena. Dibosboks tsa banna le...more