Diresepe Taolo ya Dikokonyana Senyang Dijalo

© Marinda Louw

Ho na le dihlahiswa tsa kgwebo tse kang oli ya neem le sesepa se bolayang dikokwana-hloko tse fumanehang ho sebediswa, empa diresepe tse ding tse entsweng hae di ka boela tsa thusa ho leleka dikokonyana.

Senyanyatso sa Konofolo

Senyanyatso sa konofolo se bolaya dikokonyana tse ngata. Kgaola di clove tse tharo tse kgolo tsa konofolo le ho kopanya le litara e le 1 ya metsi a belang le dikgaba tse pedi tsa parafine - e thusa ho tlama motswako ho makgasi. Inela bakeng sa matsatsi a mabedi; kopanya dilithara tse 10 tsa metsi mme o nyanyatse dimela.

Senyanyatso sa Chidisi le Konofolo

Kgaola ditlhaku tse tharo tse kgolo tsa konofolo le ho silakanya dichidisi tse hlano. Kopanya sena ka litara e le 1 ya metsi a belang le dikgaba tse pedi tsa parafine. Inela bakeng sa matsatsi a mabedi; kopanya dilithara tse 10 tsa metsi mme o nyanyatse dimela. Senyanyatso sa chidisi le konofolo se bolaya dikokonyana tse ngata.

Senyanyatso sa Bobatsi tse Hlabang

Kgetha bonatsi tse hlabang, tse ka bang mokotla o tletseng empa o sa tlalang haholo. Apara ditlelafo kaha di tla o hlaba matsoho. Kenya metsi a dilthara tse 5 ya metsi a belang le dikgabana tse 5 tsa parafine. Tlohela bonyane beke e le nngwe (e ka tshwarwa ho fihlela kgweding e le nngwe). Eketsa dilithara tse 20 tsa metsi. Motswako ona o ka sebediswa dimeleng ka bekeng e nngwe le e nngwe ya bobedi mme ho molemo ho boloka dikokonyana tsohle di le hole. Tlhokomediso: e tlameha ho etswa dibeke tse ding tse pedi mme e thibela feela.

Khaki Bush

Kgetha mokotla o tletseng wa khaki bush (Tagetes minuta) - o tletseng haholo. Tshela dilithara tse hlano tsa metsi a belang mme oo tlohele bonyane beke e le nngwe (o ka bolokwa ho fihlela kgwedi e le nngwe). Ha ho hlokahale ho eketsa parafine, kaha ho se ho ena le oli e ngata ya tlhaho ka hara khaki bush. Kenya kgabana (15ml) ya sesepa se hlatswang dijana le dilithara tse 20 tsa metsi. Nyanyatsa beke e nngwe le e nngwe ya bobedi ho boloka dikokonyana di le hole.

Molora wa Patsi

Molora wa patsi o ne o sebediswa ke baholo-holo ba rona ho laola dikokonyana. O molemo mobung mme o na le phosphorus (P) le potassium (K). Fafatsa molora wa patsi o motle, wa kgale, o omeletseng ho potoloha dimela. Etsa bonnete ba hore molora ha o amane le dimela. Le ka mohla o se ke wa sebedisa molora wa mashala. Molora wa patsi o boetse o sebediswa ka katleho ho boloka dikgofu hole.

"Sopho ya Kgolabolokwe le Seboko"

Bokella dikgolabolokwe kapa di cutworms tse bakang mathata a kang dikgolabolokwe tse bosehla le botsho tse jang dirosa kapa di cutworms tse ka bakang tshenyo e ngata. Beha dikgolabolokwe kapa diboko ka hara setshelo mme o kwahele ka metsi ho di kgama ka metsi. Hona jwale tshollela metsi a chesang hodima dikgolabolokwe kapa diboko ebe o etsa "sopho e entsweng ka kgolabolokwe kapa seboko". Tlohela matsatsi a mmalwa mme oe sebedise e le senyanyatso hodima dimela le ho potoloha dimela. Mokgwa ona o sebetsa ka ho kgetheha ho lwantsha di cutworms.

Lengana

Lengana (Artemesia absinthum) le ntsha aphids, flea beetles, ditshintsi, dirurubele tse tshweu tsa small cabbage le kgofu. Etsa tee ka ditlama tse ngata mme o kopanye le litha e le nngwe ya metsi a belang.

Translated by Bongani Matabane