Dimela le Diphoofolo Toropong ya Vredefort

© David Fleminger

Makgulong a Dimela le Diphoofolo

Vredefort Dome e fumaneha sebakeng sa Grasslands boime, moo ho nang le sehlohlolong pakeng tsa Highveld le sehlekehlekeng sa Transvaal. Mofuta wa jwang o atisa ho bitswa Bankenveld, empa sebaka se ikgethang sa mobu wa sebaka sena se fella ka mefuta e mengata e sa tlwaelehang. Ka mohlala, mefuta ya Bushveld e tlwaelehileng e fumanwa dikhilomithara tse makgolo ho ya leboya, e kang Bush Willow, Red Ivory le Tree Ferns. Sehlahla sa noka haufi le mabopo a Vaal se boetse se eketsa mefuta-futa ya dimela.
Dikoti le dikotjana tsa Dome, mefuta e sa tshwaneng ya microhabitats, microclimates le mefuta ya mobu e thusa dihlopa tse ngata tsa dimela. Lenane le feletseng la dimela ha le eso phethwe, empa bonyane ho na le mefuta e 99 ya dimela tse teng sebakeng seo. Difate tsa mohloware o hlaha wa lifate di atile haholo mme dimela tse ngata ka ho fetisisa tsa tlhaho tsa lefatshe tsa mofuta ona (Olea europaea subsp. africana) di fumanwa ho koppie e ka ntle ho Parys. Mefuta ya Acacia le Protea le yona e jele setsi.

Mefuta ya Dimela tsa Bojaki

Mefuta ya dimela tsa bojaki tse sa tlwaelehang ke bothata ka hare ha Dome. Difate tsa gum di pota-potile sepakapakeng se nonneng sa Vaal. Poplar, Moduwane o makala a nepeletseng le mefuta e mmalwa ya Torofeiye le tsona di senya dimela tsa matswallwa. Hyacinths ya metsi ke tshitiso e itseng, ha e ntse e atoloha Nokeng ya Vaal mme e kwala metsi. Ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etswa ho tsosolosa sebaka ho botle ba sona.
Leha ho le jwalo, dinonyana tse ngata di na le mefuta e fetang 200 ho boloka di twitchers di thabile. Tsena di kenyeletsa: di cormorants, dikokolofitwe, maholosiane, di spoonbill, manong, dintsu, bomankgodi, diphakwe, di kestrel, dikgaka, di lapwings, dikwekwe-lemao, diphooko, dimanama, mahaqasi, dinonyana tsa ditweba, diinodi, di rollers, di barbets, mehetle, di swallows, di martin, ditaletale, bahlolohadi, babishopo, di warblers, dichats le di tits. Inlandsee Pan, haufi le Vredefort, ke sebaka sa bohlokwa sa diboka tsa dinonyana tse fallang.

Di Red Data Species

Le hoja Dome e ne e lelapeng la di Big 5, diphoofolo tsohle tse kgolo di ne di tsoma ha dihwai di hapa naha. Leha ho le jwalo, ho ntse ho ena le mefuta e 50 ya diphoofolo tse nyane tse ruuwang, tse akarelletsang "Red Data Species" tse robedi. Mangau, Rooikat, Thikgwi, Phokojwe, dipela le dikgama di teng, mme mapolasi a mangata a phoofolo tse hlaha le dibaka tsa tlhaho di ntse di tsosolosa diphoofolo tsa naha tse hlaha.
Vredefort le yona e na le dintho tse ngata tse makatsang, dinoha, diphepheng le dikokonyana. Ho na le leruo le ikgethang la dihlopha tsa dirurubele, ka hona haeba o le motho ya ithutana ka dirurubele, ke sebaka seo o lokelang ho ba ho sona! Ha e le hantle, ho bolelwa hore ho na le mefuta e mengata ya serurubele ho Dome ho feta dihlekehleke tsohle tsa Brithani.
Ntle le Noka ya Vaal, Dome e dula e nosetswa ke pula e ntle ya 625 mm, 500m ya yona e welang dikgweding tsa lehlabula. Leha ho le jwalo, komello e tlwaelehile. Lehlabula, mocheso o chesa, o bophara ba 30°C ho fihlela ho bonyane ba 15°C ka nako ya motshehare. Matsatsi a mariha a futhumetse (hoo e ka bang ka 18°C) empa mantsiboya a ka ba a tsitsitseng.

Translated by Bongani Matabane