Dikokwanahloko tsa Fungi tsa Morara
Tekolo ya Fungi
Fungus e nyane jwalo ka semela se phelang. E nale masoba a fungal mme ka morao ho tswelapele ho lema le ho tlowa makaleng a masesane. Ha ngata e hola ka pele maemong a mongoba mme e qala masoba a fungus a tlatsa tlatswang ke moya le metsi. Mohlala o nepahetseng wa fungus ke hlobo ya bohobe ha bo kentswe polasitiking matsatsi a itseng. Bo mongobo mme bo futhumetse ka hare ho polasitiki e loketse ho hola masoba.
Masoba a fungal di akgoswa ke makgasi a difate tsa morara a metsi, lehlaka kapa makala a morara holang ka tlasa maemo a mongobo. E kenella lekgasi ka kutu kapa bofatshe ba lekgasi. Fungi e ja diseleng tsa semela mme e tlose makala ka tsela tsohle, e ntsha dikwetla mme disele di ba sootho kapa putswa. Dinamanya tsena tse shweleng di ba sootho ka mora nako ntsho ha tse tshweu le makala a masesane di hola ho tswela kantle ho kutu.
Fungi e ka ithobatsa e le hosilafatsa dikarolo tsa semela, fatshe kapa le dipaleseng. Ha hona le tshwaetso e le nngwe e etsahetseng, fungi ha e laoleheha bonolo, empa taolo e ntle e etsahala ha phumaneho ya khemikhale e bolayang fungus. Tsamaiso ya khemikhale e bolayang fungi e monywa ke semela mme e bolaya fungi ho tswa semeleng. Dikwanahloko tsa fungi tse tsebahalang ke powdery mildew (oidium), downy mildew (Plasmopara viticola), dead arm disease (streepvlek - Phomopsis viticola), botrytis (vaalvrot), Eutypa dieback (tandpyn) le ‘Black Goo’ (wortelvrot).
Translated by Sebongile Sonopo