Chacma Baboon

© Nigel Dennis
Chacma Baboon.

Lebitso

Chacma baboon kapa Cape Baboon (papio ursinus)

Tjhebahalo

Ke tshwene e kgolo e sefahleho e kang sa ntja, e tsebahalang haholo. Tshwene e tiileng e bolelele ba mitara wa 1.5 ho tloha hlohong ho ya mohatleng, boima bo fihlela ho kilogram tse 33, athe e bang e otile e bolele ba mitara wa 1.1 le boima ba kilomitara tse 15.

Dijo

E ja mefuta e fapaneng ya dijo, ka tlhaho di ja ditholwana tse halaha, peo le dikokonyana, mmoho le diphepheng le nama, diphoofolo tse nyane tse antshang le dinonyana. Ka lebaka la ho se rate dijo tse sehlopha, ditshwene hae je poone le dijo tsa polasing.

Tswalo

Ditshwene ha dina sehla se itseng tsa ho tswala, mme di etsa thobalo selemo sohle. Nyalano ya e nka matsatsi a 140, e tswala ledinyane le leng ka nako. Chacma Baboon di tsongwa ke Dinkwe le Mangau.

Boitshwaro

Ditshwene di kaba mabifi ke taka e tsebahalang, di ibuseletsa ka sehloho ho dira ebang di lwantshwa. Ke sehlopha se matla ba lebotho le fihlang ho 50 -100, di bopehile hantle ebile di sebopeho se thata.

Moo di fumanehang

Di fumaneha merung, mahwatateng le merung e dithabeng haufi le Drakensberg. Di nketswe sebaka karolong e ka leboya ke tse amanang le tsona. Di abuwe ho phatlalla le Afraka Borwa le dinaha tse hodimo.

Dintlha tsa tshimo

Le ha di tsongwa ke dinkwe, Ditshweni di kgona ho ema kgahlano le dira tsa tsona. Di nale direkoto tse bontshang e rusollakaka Nkwe ka meno a yona a kang a ntja a matla. Cape Peninula, moo bongata di leng teng, di lwantshana haholo le batho ka baka la hore di hlasela dipere le ditoro, maemo ana a entse kgang e kgolo e senang tharollo.