Bush Pig

© Nigel J Dennis

Lebitso

Bush Pig [Potamochoerus larvatus]

Tlhaloso

Bushpig di mafolofolo bosui mme di kaba kotsi haholo, ha di sebedisa manala a tsona a ha di lwantshwa. Dipalopalo tsa yona di phahame dibakeng tseo dira tsa yona di tlositsweng ho fediswa ho tsoma. E ja dijo tse fapaneng ho tlowa metsong, peo, dikokonyana, mahe le dinonyana. Bushpig di hape ditsebahala ka ho ja le ho palama dijalo.

Dipalopalo tse ikgethang

Boima ba tse tshehadi: Kilogram tse 48-66
Boima ba tse tona : Kilogram tse 46-82
Bolelele bat se Tshehadi: sentimitata tse 115
Bolelele ba tse tona: sentimitara tse 115
Nako ya nyalano: dikgwedi tse 4
Boima tlhaho: gram tse 700

Tswalo

3-8 ya bana e ka hlaha ho tloha kgweding ya Pudungwana – Pherekgong, nako ya nyalano e kaba kgwedi tse nne kapa ho hofeta.

Tlhaloso e futsaneileng

Tlhako ya bushpig e kgolo hofeta ya Wathog, manala a yona a bohale haholo a siya lebadi le tshabehang. Ditlhako tsa yona tse kgolo di molemo ha di ikamahanya le baka a ho fulang ha tsona. Phoofolo ena e sebedisa manala a yona a bohale ho bula tsela ya moo e tlwaetseng ho fula teng hore e bonahale.

Boitsebahatso ba Kolobemoru

Kolobemoru (Potamochoerus larvatus) di fumaneha dikarolong tse ka leboya le tse ka botjhabela ba Afrika Borwa ho tloha KwaZulu-Natal e ka bo...more