Lebitso la ntate kapa la leloko le sebediswang ke motho e moholo e motona kapa e motshehadi wa Moxhosa le nkilwe ho ntate wa e mong wa bona le bothō ba sehlotshwana se tlileng pele bo ne bo thulana le ho tsamaisana le leloko le itseng. Le ha ho le jwalo, leloko e ne e le sehlopha se seholwanyane ho feta se tlileng pele (agnatic), seo boholo ba sona bo neng bo le bohlokwa ho sona.
Ditho tse fapaneng tsa leloko le le leng ba ne ba dula dibakeng tse fapaneng mme e ne e le balatedi ba baetapele ba fapaneng ba leloko hammoho le marena. Baetapele ba leloko ba neng ba na le bolatedi bo boholo sebakeng se itseng sa borena ba ne ba emela balatedi ba bona lekgotleng la borena mme ba ba le seabo diqetong tsohle tse neng di ama borena.
Ditho tsa leloko e ne e le ditloholo tsa ntatemoholo wa ntate wa lelapa, le hoja sena se ne se hloka bopaki. Ditho tsa leloko le le leng di ne di sa nyallane mme mosadi o ne a dula ka lebitso la habo le ha a se a nyetswe.
Lebitso la leloko le ntse le le bohlokwa le kajeno e le letshwao la boitsebiso setjhabeng. Ha baditjhaba ba kopana, ba itlhahisa ka ho bitsa mabitso a bona a leloko. Ka tsela ena dikamano tsa dipuisano di a tsejwa le ho thehwa.
Mahae a Maxhosa sebakeng se itseng a ne a le matleng le taolong ya morena wa lehae moo ba neng ba le tikolohong ya hae. Sebaka se Seholo sa morena se ne se na le setsi sa setjhaba, botsamaisi, lekgotla le sesole sa borena.
Le hoja bolaodi ba phethahatso bo ne bo itshetlehile lekgotleng la morena ho na le morena ka boyena,morena e ne ntse e le yena moeletsi, ntate le moetapele wa lebitso la borena. O ne a epa pitso ya ho tsoma, ho kotula, ntwa le lebollo — e leng mesebetsi ya kopanelo e neng e kenyeletsa disebediswa tse bohale jwaloka marumo le mehoma.
Disebediswa tsena tsohle di ne di amahanngwa le dihlahla kapa moru le diriti(meya), hammoho le maikutlo a ho itlhwekisa ka mokgwa o tlwaelehileng le ho ila nama, mafi, jwala, kwae le thobalano. Ka hona, diketso tsena tsa setjhaba di ne di ama meetlo e kgethehileng ya sehlabelo le/kapa tshebediso ya meriana.
Dinohe le ditsebi tsa ditlama e ne e le baemedi ba morena , ba neng ba nesa pula ka nako ya komello, ba lokisa bahlabani ka meriana pele ho ntwa, ba sebetsa masimo ho netefatsa tjhai e ntle, ba senola baloi le ho phekola mafu le bomadimabe ho batho le diphoofolo.
Balatedi ba morena e ne e le mohlōdi wa banna ba phetseng hantle mmeleng ba neng ba sebetsa e le bahlabani lebothong, ba sireletsa borena ditlhaselong tsa borena ba boahisane kapa ba boditjhaba. Mekitlane ya lefu le dikotlo tsa polao kapa boloi di ne di lefshwa ho morena ka kgomo. Kaofela matlalo a nkwe le halofo ya lenaka la tlou tse neng di fumanwa ha ho tsongwa di ne di amohelwa ke morena, eo e neng e le yena feela ya nang le tokelo ya ho apara letlalo la nkwe(umnweba) le mokgabiso wa sephakeng wa lenaka la tlou(umxhaka).
Ka 1831 Grahamstown e ne ntshetsa kantle thepa ya £50,000 selemo le selemo, eo £27,000 ya teng e neng e le matlalo le £3,000 ya lenaka la tlou le neng le rekwa ho Maxhosa. Ka phapanyetsano Maxhosa ba ne ba sa fumane feela thepa ya kgwebisano (dikobo, difaha le tshepe), empa ba ne ba fumana dipere le dithunya. Balatedi ba morena ba ne ba nyehela dikgomo bakeng sa bohadi(lobola) ba Mofumahadi e Moholo wa morena.
Ba ne ba lekolwa botjha selemo le selemo bakeng sa bosole hona Ntlokgolong ya borena, moo lebotho le phekolwang ke ngaka ya ntwa(itola). Mosebetsi wa ditholwana tsa pele(ulibo) o ne o etswa ka yona nako eo, moo dimela di neng di latsuwa ke morena pele di kotulwa masimong.
Le hoja dikgosana tsa Maxhosa e ne e ntse e le ba ntlo ya borena ba Tshawe, sena se ne se sa bolele hore ba ne ba le tsamaisong ya sepolotiki ditabeng tsohle tsa ka nako tsohle. Ditsamaiso tsa polotiki di ne di ka fetoha ho ya ka taba e motjheng.
Mohlala, ka nako ya sewa sa lefu la matshwafo la dikgomo le ka kgaolo ya Cattle King e ileng ya latela ka 1856-7, ba bang ba marena a Maxhosa ba ile ba tshehetsa pitso ya Morena e Moholo Sarhili, e neng e itshetlehile bonoheng ba Mhlakaza le Nongqawuse, ho bolaya dikgomo le ho senya masimo, empa ba bang ba hana ho etsa jwalo. Balatedi ba neng ba sa kgotsofalla morena ya neng a sa thabelwe ba ne ba ka fetolela botshepehi ba bona ho morena ya thabelwang haholo.
Ka mokgwa o tshwanang, motho ya hlomphehileng, ya nang le tshehetso e lekaneng ya sepolotiki le sesole, o ne a ka hapa borena ho mor’abo kapa a falle, ho lo ba le tikoloho eo e leng ya hae le ho theha borena bo botjha boo e leng ba hae. Ho ya ka nehanotaba ya Maxhosa, Tshawe o ile a utswa borena ho mor’abo Cirha. Ka lebaka la ketso ena ya hae, Tshawe, e leng ntlo e nyane ya Nkosiyamntu, haesale e le e busang setjhabeng sa Maxhosa.
Hamorao, ka mongwahakgolo wa 18, mora wa letona wa Morena Phalo, Rharhabe o ile a tshela noka ya Kei le balatedi ba hae kamora diqhobeshano le moena wa hae Gcaleka, eo e neng e le mojalefa wa borena. Rharhabe o ile a theha borena ba hae bo botjha maralleng a Amabele, mme Maxhosa a Ciskei ba ile ba tsejwa e le amaRharhabe, e leng lebitso la leloko le ntseng le na le moelelo le kajeno.
Translated by Maletsatsi Sejake