Bonono le Mesebetsi ya Matsoho ya Bapedi

Mmino le Motjeko

©Dr Peter Magubane

Mesebetsi ya matsoho ya bohlokwa ya Bapedi e kenyeletsa ho bopa ka letsopa, ho penta ntlo, mesebetsi ya patsi (haholo ho etsa meropa), mesebetsi ya tshepe le difaha. Mmino wa setso o na le dinoko tse tsheletseng tsa dinōto, oo pele o neng o bapalwa ka seletswa se kguweng lehlakeng (dipela). Kajeno dibini di sebedisa diletswa tse kang harepa ya Bajuda le harepa ya Majeremane, tseo di seng di nkuwa e le tsa Bapedi. Mohlomong o tsejwang haholo ke motjeko wa kiba, o neng o le wa mahae empa hona jwale e se e le wa bojaki. 

Mofuta wa motjeko wa banna ke wa sehlopha, e mong le e mong o na le lenaka le nang le molodi o fapaneng le a ba bang, ho letsa melodi  e tsamaelanang e monate. Banna ba tena mese (ho kgutlelwa seabong sa Bapedi le balekane ntweng ya bobedi ya lefatshe) e kgabisitsweng ka mekgabiso ya borena. Basadi bona ba na le dipina (dikoša) moo ba ntlafatsang mantswe a pina tsa kgale.

Ho bina le ho tjekwa ha kiba ke o mong wa dinako tse mmalwa moo basadi ba neng ba apara mese ya dikgarebe, e aparwang kgetlo la pele kamora lebollo. Motjeko wa kiba wa banna le basadi ka bobedi o ne o felehetswa ke sehlopha sa meropa, eo ha jwale e entsweng ka ditshelo tsa oli le kgamelo ya lebese. 

Translated by Maletsatsi Sejake