Black Rhino

© Roger de la Harpe

Lebitso

Black Rhinoceros (Diceros bincornis sp).

Tjhebahalo

Poho ena e boima ba ho fihla ho 1 200 kg le kgomo e fihlang ho 800 kg. Le ha hole jwalo mefutafuta e k aka tlase ho Rhino e tshweu. O ka kgona ho e arola ho e tshweu ka molomo wa yona o tswileng o ka hodimo. Rhino e ntsho e fapane hape le e tshweu ka hlooho ya yona e dulang e phahame ka nako tsohle. Ditsebe tsa yona di sedikwadikwe ebeile di shebahala jwalo ka trompeta. Mobu oo e dulang e ipudukanya ho ona ke ona o bontshang mmala wa yona.

Dijo

Ke phoofolo e jang difate, dihlahla le ditlama. Ka nako ya phepo e ntle e ja jwang. Makala ana e a hulela ka hanong ka molomo wa yona o motsu, mme fitisetse dijo meno a mehlare bakeng sa ho di hlafunisisa. Ho faolwa hona ho fa ditsebi tsa ditlama monyetla wa ho bokelletsa dintlha tse mothamo bakeng sa thuto ya ho di fepa ka tsela e nepahetseng le tseo e di ratang.

Tswalo

Nyalano ya tsona e ka nako tsohle. Nakong eo di frehanang, tse tona di isa tse tshehadi mofeng ka manaka a tsona. Nyalano ya tsona e kaba e kgutsitseng, e nang le ntwa kappa e nkang nako e telele. Kgomo e tswala kgetlo la pele dilemong tse 5 kapa 6.

Boitshwaro

Ha e matha e ka matha ka lebelo le fihlang ho 55km/h. Dithaba tsa bolokwe ba Rhino e tshweu ka nako e nngwe o tla di fumana di apesitswe ke ba Rhino e ntsho. Boholo ba tshimo ya poho ena bo tswa hore boteng ba dijo tsa yona le phumaneho ya metsi ke e kae. Dipoho tse nyane tse dulan sebakeng se nang le dipoho tse ngata di nale kgoneho e kgolo ya ho shwa. Dipoho di itjheba bo tsona feela, mme di ba le nako ya tse tshehadi nakong ya thobalano

Moo di fumanehang

Bo ngata ba tsona Afrika di fokotsehile ho tloha ho 65 000 ka 1970 ho isa ho bonyane 2 400 ka 1995, ha ho qetelwa ho balwa. Boholo ba di Rhino tse ntsho di fumaneha South Afrika, Namibia, Kenya and Zimbabwe. Mefutafuta ene e jwale e fana ka tshabo e kgolo. Di Rhino tse nne tse fapaneng di ananetswe ho ajweng ha mefuta ya di Black Rhino. D.b biconis, palo e nyane e kgutliseditswe borwa Bophirima ba Afrika Borwa, D.b. michaeli, Kgutlisetso ya tsona thehilwe Addo Elephant National Park, Afrika Borwa.