Black Headed Oriole

© Nigel J Dennis
Black Headed Oriole.

Lebitso

Black Headed Oriole

Tjhebahalo

E nale molodi o ka reng marothodi a metsi o tsebahala sebakeng seo. Di nale mmala o boleya o mosehla ka hloho e ntsho. Jwalo ka tse ding, e nale masiba a masehla ka hloho ya yona e ikgethang e ntsho, e etsang e hlahelle. Le ha ena le mebala e hlakileng ha ho bobebe hore o e elellwe, hobane bodulo ba yona bo ka hare ho makgasa a difate tse telele ka hare ho moru o teteaneng. E rata ho utlwahala pele e bonahala ka molodi wa yona wa marothodi a metsi a tswakilweng le modumo o fatshe o kang mongwapo, o ba hodimo mme e lebisa tlhokomelo. Ha e fofa e kare ya wela, mme e ka pele ebile e ya ka ho otloloha moo e yang teng, eleng dijo tsa yona ditholwana le dikokonyana. Molomu wa yona o molelele o matla mme o kgona ho harola dikokonyana tse ngata, ka popane, ditsie le dinotshi di ya lekana papading.

Dijo

Dija dikokonyana, monokotshwai, ditholwana le mero ya ditholwana mme di nale tshilo e potlakileng dijo e nka metsotso e metsotso e 5. Dihlaha tsa di difateng, di bewa ferekong qetellong ya lekala. Ledinynane le fuwa dijo ka popane. Ha hona e hatisitsweng yah o fuwana ha tsona.

Tswalo

Sehlaha se tshwana le mokotla o hlephileng o entsweng hore o seke wa bonwa ka bolepu, moriba le makala a manyane, e qetella makaleng a hodimo difateng tse kgurumeditsweng.

Moo di fumanehang

Di fumaneha dibakeng tse fapaneng Afrika Borwa, e apesitse le halofo ya karolo botjhabela le bohole ba George.