Kwarrielaagte e profenseng ya Afrika Borwa ya Mpumalanga, ke motse o moholo wa setjhaba sa BaNtwana. Ho rekweng ha sebaka sena ho sehwai sa motho e mosweu mathwasong a mongwahakgolo ona; mekgwa ya meralo ya Kwarrielaagte, jwaloka meetlo, tsela ya ho apara le ditlwaelo tsa baahi ba teng, ke seipone sa boemo bo tsitsitseng, bo phahameng.
Setho se seng le se seng sa morabe se na le boemo ba sona ho ya ka tlholeho le boemo setjhabeng sebakeng seo se batang, se sa silafatswang ke diphetoho tsa nalane, ditlwaelo kapa meetlo.
Diphapanyetsano tsa meetlo pakeng tsa BaNtwana le Bapedi di bonahala meaparong (basadi ba merabe ka bobedi ba apara mese e tlileng le baromuwa ba Bophirima e le karolo ya moaparo wa moetlo), ditlwaelo, mekgwa ya meralo (merabe ka bobedi e phela mahaeng a tlwaelehileng a Bapedi) le puo.
MaNdebele le bona ba tsejwa ba kile ba ba le maqhama a tiileng le BaNtwana, ka ho nyallana, ho ba le seabo mabollong le mekgabiso meaparong ya basadi, jwaloka difaha tse rwalwang ke basadi ba merabe ka bobedi. Merabe ena ka boraro ba yona e hlalohanya ka thata seabo sa bong mesebetsing ya setjhaba mme e itshetlehile moruong o tswang tshebedisong ya mobu wa bona bakeng sa ho ka iphedisa.
Jwaloka ditjhaba tsa MaNdebele le Bapedi ba Transvaal, pheletsong ya mongwahakgolo wa 19 ke ha setjhaba sa BaNtwana se tobane le bohanyapetsi ba bokoloneale le mosebetsi wa bojaki e leng dintho tse neng di sebediswa ho senya moruo wa mahaeng. Maemo ana a bopang nalane a ile a matlafatsa ho thatiselletswa ha mekgwa e metle le meetlo e tsitsitseng e le ho boloka tsela e itseng ya bophelo e neng e se e fetoha.
Lebitso lena la ‘Ntwana’ (‘bohlooho-thata’ kapa ‘mohlabani’) le tswa paleng e mabapi le ho hlephoha setjhabeng sa Bamangwato. Ho utlwahala ha e mong wa bara ba morena a ile a fedisa seila sa ho jewa ha nama ya pholo.
O ile a kotelwa thoko mme a tsamaya le mahlabaphiyo pheletsong ya dilemo tsa 1780 ho theha setjhaba sa BaNtwana.Kajeno, morabe ona o dula boholong ba sebaka sa Moutse, borwa ba Groblersdal profenseng ya Mpumalanga. Le ha Bantwana e le karolo ya sehlopha se seholo sa baahi ba Moutse, sebaka sena se na le merabe ya Bapedi, Maswati, Basotho le MaNdebele.
Ho fihlela selemong sa 1986, ditjhaba tse fapaneng di ne di phela mmoho ka kgotso, di abelana mekgwa e metle , di ba le seabo phapanyetsanong ya meetlo le ho nyallana. Kgotso ena e ile ya qhalwa ka 1986 ha ho qobellwa hore Moutse e be karolo ya lehae la mehleng la KwaNdebele.
BaNtwana ba ile ba hanana le ditlhophiso tsena tse ntjha; ha setjhaba se kileng sa ikokobetsa dipolotiking se ile sa hlahafala, sebaka se potapotileng Dennilton le Kwarrielaagte e ile ya ba lepatlelo la ntwa, eseng feela pakeng tsa ba neng ba dumela le ba neng ba hana puso eo, empa le pakeng tsa baahisane le malapa. Le ha ho le jwalo, meetlo ya BaNtwana e ile ya nna ya tswela pele, haholo basading.
Bosiyong ba banna ba bona - bao boholo ba bona e neng e le basebetsi ba bojaki - ba ile ba qobelleha ho ntshetsa pele moruo wa lehae ba ntse ba tswela pele ka mesebetsi ya bona ya ho ba basadi le ho ba le bana.
Translated by Maletsatsi Sejake