African Fish Eagle
Ntsu ya Tlhapi ya Afrika

© Shem Compion
African Fish Eagle.

Lebitso

Ntsu ya Tlhapi ya Afrika (Haliaeetus vocifer)

Tjhebahalo

Ntsu ya Tlhapi ya Afrika e ntle e kgolo. E nale masiba a ikgethang a matsho, sootho le bosweu.

Dijo

Jwalo ka ha lebotso la yona le tjo, e ja ditlhapi haholo, dikarolong tse ding e ja folaminko le dinonyana tse ding tsa metsing. E tsebahala ka ho ja tse shweleng, mme e tsebahala ka ho utswa di phofu tsa diphooffolo tse ding. Kokolofitwe e tsebahala ka ho lahlelwake ke tseo e ditshwasitseng ke Ntsu. Dijo tse ratwang haholo ke tlhapi, ka nako e nngwe e ja tse shweleng empa boholo e di tshwasa di phela. Tlhapi ya Katse le tlhapi ya lela ke tsana tse tshwaswang haholo. Diphofu tse kgolwanyane di fumaneha pela metsi mme di otlwe.

Boitshwaro

Ntsu ya Tlhapi ya Afrika e nale medumo e mmedi e fapaneng. Ha di fofa ka dile kalaneng, modumo e ba o kang wa American Balt eagle. Ha ele pela sehla e etsa o kang wa QUOCK. Tse tshehadi di molodi o lerata ebile di bonolo ho feta tse tona. Molodi wa yona o hlakileng o tsebahalang wa nonyana ena o bitswa the lentswe la Afrika. Ntsu hangata di fumaneha di lepedi kantle le ka hare nakong ya tswalo, le ho arolelana ditsebo tse di nang le tsona mmoho. Di qeta nako e ngata kalaneng ho feta ho fofa, hangata di qeta letsatsi la yona ka hora ya leshome hoseng, di se di bolaile phofu ya tsona, le ha fela di kgona hobolaya nako enngwe le e nngwe letsatsing.

Bodulo

Ha ngata e rata ho dula sefateng hodimo moo e kgonang ho bona noka ka ho otloloha, lebopo le ka mose la letsha kapa lebopong la noka eleng sebaka sa yona. Pela letsha moo ho nang le moo ho lahlwang dijo, tse pedi di hloka ka tlase ho sekwere sadimaele tsa metsi ho fumana dijo tse lekaneng, ha ka thoko ho noka e nyane e hloka dimaele tse 15 ka kotloloho kapa ho feta. Tse ding di potapota le sebaka ho baleha maemo a lehodimo a mongobo, di dula moo di qetileng selemo di le teng.

Moo di fumanehang

Di fumaneha Afrika Borwa. E fumaneha haholo letsheng la Rift Valley.