Vervet Monkey
Kgabo

© Nigel Dennis

Lebitso

Kgabo [Chlorocebus pygerythrus]

Tjhadimeho

Kgabi tse tona di kala dikilogeramo tse 6 ebile di bolelele ba dimetara tse 1.1, ha tse tshehadi di le nyanenyana di kala dikilogeram tse 4. Dikgabo di na le mmele o boputswa bo silifara ka sefahleho se setsho.
Boya bo lesapong le dintshing bo bosweu, ebile maoto le nthla ya mohatla o mosweu Botona ba kgabo tse tona e mebalabala ho kgetholla maemo a yona a tswalo, e na le botona bo bofubedu le boputswa.

Dijo

Kgabo ke seja-tsohle, e ja ditholwana, dipalesa, mahlaku le dikokwane, tsena ke boholo ba dijo tsa yona. Ditshwene ke tse ding tsa dinyantshi tse nang le pono ya mebala, sena se thusa ka kgabo ho fapantsha mahareng a ditholwana tse butswitseng le tse sa butswang.

Tswalo

Phoofolo ena e tswala ka dihla ebile e beleha ledinyane le leng feela mahareng a kgwedi tsa Hlakola le Motsheanong ka morao ha nako ya tswalo ya matsatsi a 140. Kgefutso mahareng ha tswalo e ka feta sehla, ebile e tsamaisana le dijo tse leng teng.

Boitshwaro

Dikgabo ke diphoofolo tse ratang ho phedisana le tse diing, ebile e atisa ho phela di kgobakane, e le tse tona di renang. Tse tshehadi ha di tlohe sehlopheng sa tsona sa tswalo, empa tse tona di a falla ha di fetoha mmele. Katamelo ya dijo tse bohlokwa e rerwa ke boholo ba ditho tsa setjhaba seo.

Lehae

Difate tse teteaneng tse telelele le metsi a leng teng ka mehla, tsena di dumella tshwene ena hore e ka phela tikolohong tse ngata tse fapaneng. Di tsejwa di atisa ho phela mothating wa meru.

E Fumanwa Kae

Aforikaborwa, ho se tshwane le dinaha tse ding tsa Aforika tse tjhesang haholo, e na le mefuta e mmedi ya tshwene, e leng kgabo le samanko.
Tsona di le pedi di ja ditholwana ebile di dula difateng, ka baka lena di ka senya haholo dipolasing tsa ditholwana. Kgabo e teng hohle Aforikaborwa, e teng ha bodulo bo ditshwanela. Katoloso e kgolo ya difate tsa maoka e ile ya thusa kgabo ho hodisa setjhaba sa tsona.