Tsela ya pholo ho tswa Robben Island

Kgato ya pele ho leba tokolohong

©Eric Miller
Ka 1986, ba tsamaisi ba dipuisano ba ile ba beya melao e metjha jwalo ka wa phapang ya manyalo le kopanelo ya dithoto di fediswe. Qeteloong ka 1990, bakeng la thabo ya batho, mekgahlo ya bahanyetsi e kang ANC le PAC di ile tsa lokoloha mme Mandela o ile a lokollwa.

Dilemong tseo ho tloha 1990 ho fihla dikgethong tsa pele tsa kakaretso tse lokollohileng e bile pale ka 1994. Ho bile le nako tse thata tsa ntwa le ditherisano le teko ya ho lokisa naha. Qetellong, hara tseo tsohle, boithaopi ba ho nehelana ha puso kapa matla di ile tsa fihlellwa. Hangata e bitswa toka ya pale ya tokollo lefatsheng ka bophara, e ne ele qalo nalaneng encha ya Afrika Borwa.

Ka 1988, ha Mandela a ile a tloswa chankaneng ho leba ntlong tlasa tumello ya tokoloho ya chankane ya Verster. Ka nako eo moya o ne o phunyelletsa ho phatlalla le kontinente mme Mandela o ile a fuwa tokoloho hape. O ile a hanyatsana le bona hape mme a batla hore basebetsi mmoho le yena ba lokollwe pele a tseba hantle hore puso e ka nna hanyetsana le yena tokollong ya ba bang, mme hang ANC e ile ya lokoloha. Hoya ka bonngwe ba ketapele ya polotiki baile ba lokollwa mme ba supuwa ka menwana ba bang habaka ba suptjwa kapa temoso. Qetellong kgwedi ya Hlakola ka la 02 selemong sa 1990, lefatshe le ile la boha Mandela le Winnie batsamaya ba tshwarane ka matsoho ho leba hekeng ya Victor Verster ho leba kganyeng.

Ho latella tatellano ya diketsahalo tse, batshwaruwa ba polotiki ba ileng ba sala Robben Island ba siilwe seemong se kopanyang hloho lesa thabo. Menyenyetsi e ipetsang hara tjhankane le mmuso, ho ile haeba le kganyetso phethelong ya tumellono e ntshitsweng hanyane, baile ba fumantshwa tokoloho, mme ha waka ha ketekwa mme ha ba fumantshwa ho thojwa maikutlo le tshehetso ha ba kgutlela setjhabeng sa bona.

Ho hlakile hore tsela eo mmuso o hlahisitseng naheng ho morabe wa batho ba batsho o ne o tlo baka dikgula kgulano le boipilaetso. Tumello e ile ya ntshwa hore na ba hloka sebaka moo batla etsa morusu. Ka 1959, letona la toka o ile tsebisa hore Robben Island e tlo ba tjhankane hape. Sesole se ile sa e ba teng mme ba iswa sebakeng se seholo sa lefatshe le hore hobe le melao e tiileng ya ho kena sehlekehlekeng. Tsamaiso entjha e bohloko ese e qadile nalaneng ya dihlekehleke.

Dilemo tsa kgethollo

©Tracey Derrick
Ka 1958, mohopolo wa menistara o ile wa nkuwa Dr H.F Verwoerd. Ka mantswe a hae a monate, mohopolo ona o ile wa tlisa setshwantsho se silafetseng sa kgatello le ho arohanya moo batho batsho ba ileng ba nkelwa maruo wa bona moo Verwoerd a ile a etsa tshepiso ya ho hlokomela batho ba batsho ka tsela tsohle.

Ka nako eo ANC ene e le mokgatlo o tshehetswang ka ho fitisisa naheng mme le tsamaiso ene e tsamaiswa ke ba bangata, haholo holo ka kgotso, boipelaetso kgahlano le mmuso. Tsamaiso e fokolang ene halefisa ba bang, e fela ho nale e neng a tlola mollo, yena e ne e le Robert Sobukwe o ile a tloha ANC ho qala mokgatlo wa PAC ka 1959.

Bo rapolotiki ba pele ho leba Robben Island

©Roger de la Harpe
Ka 1960, bongata bo ile ba kopana mabapi le boitshireletso kgahlano le molao wa dipasa o ba thibelang ho tsamaya bona e le batho bs batsho ho leba tulong tsa ba basweu. Ho enngwe ya boipelaetso ke kantle ho seteisheneng sa maponesa hola Sharpville, haufi le Vereeninging, mapolesa ane a butse letshwele. Baile ba bolaya batho ba 69, baholo ba thuntswe ha ba ntse ba baleha. Sena se ile sa tshosa lefatshe. Diketso tsa mmuso wa Afrika Borwa e ne e le osa kgahlising. ANC le PAC di ile tsa hlaiswa dise molaong mme tsa tloswa.

Translated by Sibongile Sonopo