Tlhahiso ya Dragon Fruit

© Florentino Floro

Dragon fruit, e bitswang pitaya, ke tholwana ya cactus e ithatikang e nyoloha, mme e thunya bosiu. E lengwa dibakeng tse tjhesang le tse mongobo tsa lefatshe, masimo a tholwana ena a ntse a hola Afrika Borwa, mme ho thehwa indasteri e holang ka potlako ya ho romelwa kantle ho naha ha tholwana ena e phepo e ntle.

Tlhahiso ya Dragon Fruit Lefatsheng Lohle

Boholo ba dragon fruit bo hlahiswa dinaheng tse hemisphere e Leboya. Hona ho bolela hore dragon fruit ya Afrika Borwa e fumaneha ha feela mebaraka ya Yuropa le US e le tlase.

Dragon fruit e hlahiswa kgwebong Vietnam, Malaysia, Thailand, Taiwan, Sri Lanka, China le Israel, empa e lengwa hape le America Bohareng (Mexico, Colombia, Ecuador, Guatemala). Vietnam e hlahisa haholo dragon fruit e bokahare bo pinki ba 95% ha Ecuador le Colombia di tsepame ho mefuta e letlalo le lesehla le bokahare bo bosweu. 

Vietnam, e hlahlangwa ke Thailand le Israel, ke yona e fepelang haholo ka dragon fruit, ka ho hlahisa ditone tse fetang tse 600 000 ka selemo. 

Boholo ba tlhahiso ya dragon fruit bo jowa Asia, haholo ke baahi ba China bao e leng bona ba jang dragon fruit ka ho fetisisa, ka lebaka la tumelo ya bona ya lehlohonolo le tliswang ke lebitso la tholwana ena, sebopeho le mebala. Boholo ba dragon fruit bo sebedisetswa dihlahiswa tse melemo e eketsehileng.

Dibaka tsa Tlhahiso ya Dragon Fruit Afrika Borwa

Boemo ba lehodimo bo futhumetseng ba Afrika Borwa bo loketse dragon fruit, e ratang themphereitjhara ya 21˚C - 29˚C, empa ho hlokeha ho nosetswa ho lekaneng kapa pula e pakeng tsa 650 mm le 1 200 mm. Dragon fruit e thefuleha habonolo ke lesedi le matla le serame. Dragon fruit e hola hantle boemong ba lehodimo moo di-avocado, di-banana le matokomane a macadamia di lengwang teng mme e tla dumellana hantle le tshebetso ya tlhahiso ya tholwana ena. Ho ka nna ha sebediswa matlo a tshwanang ao ho phuthelwang ho oona le thepa mme kotulo e sa hatane hodimo.

Dragon fruit e lengwa Natal Midlands le dibakeng tse lebopong la lewatle la KwaZulu-Natal, sebaka sa Lowveld ho tloha Nelspruit ho ya Tzaneen, Eastern Cape le Western Cape. Masimo a maholo a matjha a dragon fruit Afrika Borwa a pela Dendron le Louis Trichardt profenseng ya Limpopo.

Ho ya ka Max van Heerden wa Dragon Fruit South Africa (DFSA), tlhahiso ya dragon fruit Afrika Borwa e sa le nyane ka ditone tse ka bang 100 tse hlahiswang ka selemo (2019). Boholo ba tlhahiso ena bo romelwa kantle ho naha ka sefofane, mme ho be le diroto tse mmalwa tse fumanehang ho ka sebediswa lapeng kwano. Le ha ho le jwalo, tlhahiso ya kgwebo ya dragon fruit Afrika Borwa e lebeletswe ho hola haholo pakeng tsa 2019 le 2021 ha masimo a matjha a hlahisa. 

Afrika Borwa e romela dragon fruit kantle ho naha, haholoholo Yuropa, empa e fepela le Botjhabela bo Hole le USA hang ha tlhahiso e eketseha.

Dinako tsa Dragon Fruit

Dragon fruit e kotulwa Afrika Borwa ka Pudungwana ho ya ho Tlhakubele. Ebang dimela tsa dragon fruit di sa le nyane, di tla hlahisa feela ho tloha ka Pherekgong ho ya Tlhakubele, empa ha se le seholwanyane, ho bolela hore le nako ya ditholwana e tla ba e telele. 

Dragon fruit ya Western Cape le Leboya la Mpumalanga e ka hlahisa ho fihlela ka Motsheanong le Phupjane, empa nako ya dragon fruit e bohareng ba Afrika Borwa e fela ka Mmesa.

Translated by Maletsatsi Sejake