Thuto ya bohlano ya Nelson Mandela

© Eric Miller

Ditlatse tsa Botho ba Emeng ka Maoto

Dipalesa tsa batho tse 1 300 ditulong ka holong ya Linder yunivesiting ya Witwatersrand ditsheng tsa thuto Johannesburg, monna ya moriri o moputswa ya apereng diaparo tse lefifi o hahabela kalaneng le mofumahadi hae a motshwere ka letsoho le leng ke mothusi. Ho opa matsho ha itlela mme ho le modumo o moholo.

Monna eo e ne ele Nelson Mandela o ne a tlo tsebisa sebui thutong ya bohlano ya Nelson Mandela, monna ya mathileng lefatsheng e le mongodi kakaretso wa United Nations dilemo lemo, Kofi Annan. Setjhaba se seholo sa Afrika Borwa se bontsha setjhaba sa mmala wa mookodi eleng seo Mandela a se tlisitseng ka hare ho naha ka di 10 Motsheanong 1994 jwalo ka mopresidente e motjha tokoloho Afrika Borwa. Letshwele le ile la tsepamisa maikutlo ho Annan ka mora nako, nakwana ba ne ba shebile Mandela ebile ba mo roka.

Seo Mandela A Tsebahalang ka Sona

Mandela,ya fokolang o keteka letsatsi la tswalo ka dilemo tse 89 mme mokete wa dilemo tse 9 wa lenyalo o haufinyane, ho leboha le ho ananela matsoho ka seo e leng ntho ya tsebahalang ka yona, lebonyo la hae le ho foka letsoho.

Nakong eo mokete o ntseng o tswela pele ka di 22 Phupu, ho mo babatsa ho itlela feela ho le modumo mme mokete ona o ne o lokela ho tswela pele ha raro jwalo ka ha Mandela a lokela tsamaya a kena dipakeng tsa dibui mme a dule fatshe, ka mora nako ha Kofi Annan ha a qeta ho ho fana ka tjhebahalo ya tekanyo ya Afika a tlowa kalaneng.

Ha ho Ntse ho Tswelwa pele ka Mosebetsi ka Sontaha sa di 22 Phupu 2007

Dibini kalaneng ba ne ba sa fumane letshwele le emang jwalo ka ha le ne le ema ho mandela, monnamoholo wa lebonyo le letle. Se bolayang ka hare ho naha ho ne ho ena le monna ya faneng ka tsebo e kgolo, sebete se nang le ho nahanela le kutlwisiso ho thusa ho fihlella tsamaiso ya kgotso ho tswa mmusong wa kgatello ho batho ba batsho. Tsamaiso ena e ne e bitswa ‘dimakatso’.

Nelson Mandela Monna wa Poelano

Afrika borwa e ne ele dintshing tsa ntwa ya lefatshe, setjhaba se nang le tjheseho e bobebe e emetseng feela motho ya tla tjhesa hlaha ka hara naha, empa ka lehlononolo ba ne ba se bangata. Mandela ha hole jwalo a tla ka lentswe la hae le fatshe le nang le le matla a ho fetola maikutlo.

Kamora dilemo tse 27 histori ya tshwaro e senang toka le kgatello e sehloho le bang ba batho ba batsho ke mmuso, o ne a ka sebedisa matla a neng a a fuwe bakeng sa boiphetetso mmusong wa kgale. Empa a kgetha poelano le kgotso le ho phela mmoho ho sa kgathalle maemo, a susumetsa le ba bang ho amohela hore ba tswelepele ka bophelo.

Ke nnete hore phano ena ya matla e fumanwe ka tshebedisano mmoho le moetapele wa lekgowa FW de Klerk, empa kantle ho Nelson Mandela le moya wa hae o nang le boleng ba ho sebetsa dintho, tshusumetso ya kgotso le boleng ba boetapele, ho kabe ho sa etsahala. Ntle le tlhompho ya dilemo tsa hae le moya wa poelano o tswang ho yena, setjhaba le sona se ne keteka boitelo ba hae ba kgotso le tsotello ya ba leqeme.

Translated by Sibongile Sonopo