Semela sa Sekgo: Dijo le Tshireletso ya Semela

© Ton Rulkens

Ho ja Semela sa Sekgo

Ho ya le Afrika Borwa, letlobo le bonolo, makgasi a ya jowa, e bediswa jwalo setjhu, tatso le dijo tse ka thoko. Makgasi ka nako e nngwe a ya baba mme e ka phewa ka lebese, e kenywa dijong tse ding kapa yaba ya tswakwa le makgasi a mang a meroho a kang makgasi a dinawa, nightshde e ntsho kapa amarath. Zambia, matokomane a fetshe a sitswing a tswakwa tatso. Makgasi le ona a masweu, rotswe jwalo ka bolo mme a omiswa letsatsing a bolokwa bakeng sa dilemo tse pedi, le ha hole jwalo, sena se fokotsa boleng ba dikwetla haholo.

Ha ho hlokeha makgasi a ommeng, metsi a sebediswa ho a etsa mongobo pele a phehwa. Ho bedisa makgasi ho ka theola vitamin C ho fihla 81% le vitamin A ka 95%. Thotse ya oli e jowang e ntshuwa ka ho petetsa thotse ya semela sa sekgo. Oli hape e bale oli e bohlokwa, e tshwana le oli ya masetete. Oli ena e bohlokwa e ya fumaneha makgasing mme ikarabella monkong le tatsong ya meroho. Kuku ya thotse e setseng e ka sebediswa bakeng sa ho fepa diphoofolo. Thotse yohle e fetjwa dikgoho le dinonyana. Dikgomo, dipere le dipapadi tsa diphoofolo tse hlaha tse jang semela se hlaha sa sekgo mme e ka jowa jwalo ka furu.

Tsebo ya selehae e kgothaletsa hore semela sa sekgo e nale meriana ya boleng, motswako wa makgasi o ka laola tshwaetso le maqeba. Ditsong tse ding, ho ja lekgasi la semela sa sekgo ho ho phahamisa matla le ho phahamisa le pono ya mahlo mme e bile e sebediswa dijong tsa basadi ba baimana. Motswako wa metso ho laola sefuba, ha lero la motso le sebediswa ho ntsha nale ya sekgo. Makgasi a sitsweng a sebediswa jwalo ka lesela ho apesa maqeba le ho bediswa. Lero le tswang makgasing e sebediswa ho laola tsebe e bohloko, e fodisa malaria le lefu la howa.

Semela sa Sekgo Jwalo ka Semela sa Tshireletso

Jwalo se sireletsi sa semela, ho ile ha elwa hloko hore ha hona diboseleisi semeleng sa sekgo ha lero le ntshitsweng semeleng sa sekgo se e na le tjhefu dikokonyaneng tse kang serurubele le dikokonyana. Ho ntshuwa ha makgasi semeleng sa sekgo ho hatella tshilafalo ya dikokonyana, ha ho hola semela sa sekgo se hara tse ding le khabetjhe e tsebahala ka ho fokotsa dirurubele le dikokonyana tsa thrip tse hlaselang. Ka ho tshwana, dinawa tsa French di hola mmoho le semela sekgo mme ha di angwe ke dikokonyana (thrip), semela sa sekgo ka nako e nngwe di lengwa ho fokotsa bohlwa ba sekgo se sekgubedu moo ho hola dipalesa greenhouse Kenya.

Translated by Sebongile Sonopo