Sechaba sa Basotho Afrika Borwa

© Dr Peter Magubane

Histori

Baahi ba pele ba Lesotho kajeno e ne e le San, ba ileng ba siya lefa la ka ho sa feleng ditshwantshong tsa marako. Batho ba pele ba buwang Bantu ba ne ba ena le dihlopha tse tharo tsa Nguni, Phatla, Polane le Phuthi, ba ileng ba tshela Drakensberg ba ka bochabela ka maqhubu a mararo mme ba dula dibakeng tse tlaase-ka borwa-bochabela ho Noka ya Mohokare (Caledon). Ho elella bofelong ba lekgolo la bo17 la dilemo, marena a Basotho a ile a latela, maPedi, baPhuthing, Sia le Tlokwa ba tla sebakeng seo ho tswa leboya-bophirima. Ka mora bona ho ile ha fihla dihlopha tse ding tsa Sechaba, ho akarelletsa le Bakwena, Bafokeng le Bataung.

Mathwasong a lekgolo la bo19 la dilemo ha Shaka a atolosa mmuso wa hae waMazulu, maqhubu a sechaba a ile a pholletsa le naha e kileng ya kgutsisa. Batho baSesotho ba dithabeng le dithoteng tsa bophirimela tsa kajeno tsa Lesotho (lefatshe la Basotho mehleng ya bokolone) le dikarolong tse ka bochabela tsa Free State ya kajeno le bona ba amehile. Dintwa e ile tsa eba molaodi, dihlopha tsa senyeha, masimo a senyeha, ditlala tsa qhoma mme batho ba tsielehileng ba tlalehwa hore ba sebediseditse ho ja meketeng.

Lefa la Moshoeshoe

Moshoeshoe, molaodi wa Bakwena, o ile a sebedisa leano la sesole le bokgoni ba dipolotiki ho hlola dira tsa hae. O ile a bokella sehlopha sa balatedi ba ntseng ba eketseha, hara dira tsa hae tse hlotsweng le ba balehang ho ferekana, bao e ileng yaeba batshehetsi ba tshepahalang le ditho tse feletseng tsa taolo ya hae e ntseng eatolosa e neng e le sepheo sa se ileng sa fetoha Lesotho. Moshoeshoe o ile aphethahatsa mokgwa ona wa ho tlosa batho ba hae dithabeng tse sa kgonehang hotloha moo ba neng ba ka itshireletsang le ho emisa ditlhaselo tsa mabotho a baphonang a hlaselang sebaka seo, a batla batho ho tlatlapuwa. O ile a qala ho sebedisa thaba e bitswang Butha Buthe haufi le toropo ya kajeno ya lebitso le le leng.

Hamorao o ile a nka thaba e kgolo ka ho fetisisa, Thaba Bosiu, ka bochabela ho Maseru. Kaha sena e ne e le qhobosheane ya hae, o ile a bopa banna ba hae ka matla a tshabehang, a otla ba neng ba leka ho hlasela sebaka seo. Ka 1831 e ne e le mmusi a sa tsejweng wa naha ya Basotho e neng e sa tswa thehwa sebakeng se neng seatoloswa ka bophirimela ho meedi ya kajeno ya Lesotho. Rolong e ka bophirimela, Taung ka borwa le Tlokwa ka bochabela ho sebaka se potlakileng sa Moshoeshoe e ileya eba dilekane tse ikemetseng.

Moshoeshoe e ne e le moeta-pele ya kgantshitsweng, ya tswelang pele ya nkwang e le emong wa batho ba Afrika ba boholong. Ka bohlale, ho se fele pelo le kgothatso e bohlale, o ilea theha motheo o tlwaelehileng wa setso le botshepehi ba dipolotiki ho balatedi ba hae. O ile abatla ho amohela bokoloni ka ho fetola maemo Basotho mekgwa ya setso le meetlo ntle le hoba senya. Ho tloha mathwasong a bahwebi ba lekgolo la bo19 la dilemo, ditsomi le baeti ba ileba pholletsa le sebaka sa Moshoeshoe sa tshusumetso ho eketseha dinomoro. O ile a bona hore, ha palo ya bo koloni e ntse e eketseha, ho jwalo le hore monyetla wa dikgohlano o tlaeketseha. Ha a lemoha tlhokahalo ya hore batho ba hae ba fumane thuto ya Bophirimela hohlodisana lefatsheng le lecha, o ile a romela ba bang ba bara ba hae sekolong Cape Town.

Oile a memela Mokgatlo wa Baromuwa wa Paris Evangelical ho theha seteisheneng sa boemedi. Lefatshe la Basotho, mme Messrs Arbousset, Casalis le Gosselin ba dula Morija, haufi le Thaba Bosiu, ka Phuptjane 1833. Ha palo e ntseng e eketseha ya baholehi ba makgowa (Maburu) ba qala ho theha mapolase ka ho eketsehileng sebaka se nonneng ka bophirimela ho Mohokare, kgatello ya mobu e ile ya eketseha. Ho ile ha thehwa dilekane tse ncha tsa dipolotiki mme ho hlaselwa ha dihlahiswa pakeng tsa Maburu le Basotho ho ile ha eba tlwaelehileng.

Kutlwano ya Sechaba

Moshoeshoe o ile a batla thuso ya ‘mofumahadi e moholo wa Senyesemane’, Mofumahadi Victoria, a kopa hore a sireletsehe ho Maburu. Sena se ile sa amohelwaka 1848, mme British Commissioner Resident Commission a ema sebakeng seo. Dilemong tse tsheletseng hamorao o ile a tloswa ha Lefatshe la Basotho le kenngwa ho Moshoeshoe Koloni Kapa, e amehileng ke tshwaetso ya Maburu, a boela a batla tshireletso ya Brithani. Ka 1868 Basutoland e ne e phatlalatswa tshimong ya Brithani, mme Basotho BahaMoshoeshoe (batho ba Morena Moshoeshoe) e ile ya eba bafo ba Brithani. Ka 1870, Basotho ba seng ba tsofetse, morena, o ile a shwa, a tseba hore batho ba hae ba “phunyeletse matsohong a Mofumahadi”. Lefa la hae le sa feleng e ne e le bohlokwa ba hae bo sa tsitsang ka ho kopanya ha hae batho ba Basotho Lesotho. Ka ho theha setso se tlwaelehileng, o ile a fa Basotho maikutlo a sechaba, le matla a ho ema ho dira tsa bona.

Le hoja ka dinako tse ding Basotho ba Moshoeshoe ba hlasetswe ke Zulu, Matabele, Maburu le Brithani, ha ho mohla ba ileng ba hlolwa ntweng. Ka mora lefu la hae, bara ba hae ba ile ba tswela pele ho matlafatsa ntlo ya borena. Ho tla fihlela kajeno, ditloholo tsa hae, e leng Majalefa feela a boreneng ba Basotho, ke dihlooho tse ngata Lesotho le dibakeng tsa boahelani tse kang Matatiele, Eastern Cape. Morena wakajeno ke Morena Letsie Ill ya ileng a rwala korone ka 1997.

Translated by Sibongile Sonopo