Robben Island: Makgoba a borapolitiki

Phetoho matleng a polotiki

©Tracey Derrick
Ka 1948, mokgahlo wa naha wa polotiki (Nationalist Party) o ile wa hapa diketho tsa kakaretso mme Smuts o ile a tloswa matleng a hae. Eo ebile qaleho ya dilemo tse mashome a mahlano tsa kgatello le lehloyo, nako eo e tlileng hore e kgutsufatswe ka lentswe kgatello.

Hofeta dilemo tse mashome tse tlang, mmuso otlanne o sibulle melao e etseditsweng ho bula tokollo y aba batsho esitana le bammala ho Afrika Borwa. Ha ditherisano tsa tsamaiso ntse disa hanyetsane tabeng tsa bodulo hotswa badimong ba bona ba maburu, habaka ba nahana hore kgatello eya fela ka mmala. Ho ile haeba le di nganyisano tse ileng tsa ipetsa pele ka dipalopalo tsa tsamaiso: bohlokwa e nele ho etsa hore mmuso wa ba basweu o dule ofa ba batsho dintho tse theko e tlase ka mehla.

Ho totobetse hore mokgwa ona wa mmuso wa ho imetsa batho ba batsho ba bangata e ne e tla isa moo ho tlaba le boipelaetso le merusu. Mme ba tshwereng matla ba etsa sebaka moo ba bea ba bakang mathata. Ka1957 ministera wa toka o ile a phatlalatsa ore Robben Island e boela e batjhankane hape. Ho ile ha kenywa sesole lefatsheng leo, mme phihlello ya sebaka e ile ya lekanyetswa. Kgaolo e ntjha le e mahlokonoko ya sehlekehleke ya qala.

Dilemo tsa kgethollo

©Eric Miller
Ka 1958, mohopolo wa menistara o ile wa nkuwa Dr H.F Verwoerd. Ka mantswe a hae a monate, mohopolo ona o ile wa tlisa setshwantsho se silafetseng sa kgatello le ho arohanya batho batsho ba ileng ba nkelwa maruo wa bona moo Verwoerd a ile a etsa tshepiso ya ho hlokomela batho ba batsho ka tsela tsohle.

Verwoerd o ile a tseba hore ho tlaba le ba bang ba kgahlano le mohopolo ona wa hae mme qeto e ile ya nkwa ho lokisa Robben Island ho etswa tjhankane ho bohle ba hanyetsanang le puso. Ke moo ba hatelli ba 150 ba merabe yohle ba ileng ba nkelwa teng ka mohopolo wa hore qeto ese nkuwe ho tloha ka 1961, batshwaruwa baile ba iswa sehlekehlekeng holo lokisa ba tshwaruwa ba polotiki. Seno se fedile ka mora dilemo tse nne ntle le katleho.

Ka nako eo ANC ene e le mokgatlo o tshehetswang ka ho fitisisa naheng mme le tsamaiso ene e tsamaiswa ke ba bangata, haholo holo ka kgotso, boipelaetso kgahlano le mmuso. Tsamaiso e fokolang ene halefisa ba bang, e fela ho nale e neng a tlola mollo, yena e ne e le Robert Sobukwe o ile a tloha ANC ho qala mokgatlo wa PAC ka 1959.

Bo rapolotiki ba pele ho leba Robben Island

©Tracey Derrick
Ka 1960, bongata bo ile ba kopana mabapi le boitshireletso kgahlano le molao wa dipasa o ba thibelang ho tsamaya bona e le batho bs batsho ho leba tulong tsa ba basweu. Ho enngwe ya boipelaetso ke kantle ho seteisheneng sa maponesa hola Sharpville, haufi le Vereeninging, mapolesa ane a butse letshwele. Baile ba bolaya batho ba 69, baholo ba thuntswe ha ba ntse ba baleha. Sena se ile sa tshosa lefatshe. Diketso tsa mmuso wa Afrika Borwa e ne e le osa kgahlising. ANC le PAC di ile tsa hlaiswa dise molaong mme tsa tloswa.

Melao e metjha e ile ya thewa ho etsa ho be bonolo ho tshwara le hokwalla mme ba iswe Robben Island. Ka mora nako Verwoerd o ne a tlo tlohela British Commonwealth mme ha phatlalatswa Afrika Borwa e le Rephaboliki. Bakeng sa karolo ya bona ka bobedi PAC le ANC ba ile b nka qeto ya ho ya ho nka dibetsa tsa bona kgahlano le ntwa ya kgethollo, mme ka bobedi ba etsa mapheo a sesole, ya bitswa Poqo le Umkhonto we sizwe, ka tlhompho.

Kamora ditlamorao tsa Sharpville, rapolotiki wa pele wa hotshwarwa ho iswa Robben Island ke e moholo wa leloko la PAC le Poqo. Ba fihlile ho tlowa ka 1961 ho ya pele, ba fihlela sehlekehlekeng se lobokaneng se nyahladitsweng ke sesole ebile se soka se lokela ho kaba tjhankane e kgolo ya polokelo. Batshwaruwa ba pele ba ne batlisitswe ho tlo sebatsana le kwari ya majwe le ho aha disele.

Translated by Sibongile Sonopo