Pinotage

© Kevin Crause

Tlhaloso

Pinotage ke veine e kgubedu ya mofuta o hlahang Afrika Borwa. Ka bonyane e hola le Australia, Brazil, Canada, Israel, New Zealand, Switzerland, United States and Zimbabwe.

Tlhaho

Moprofesa Abraham Izak Perold wa Yunivesiti Stellenbosch o ile a hodisa Pinotage nakong tsa bo 1920, nakong ya nyadiso ya dimela tsa Pinot noir le Cinsaut (e tsebahalang jwalo ka Hermitage). Ho utlwahala ha Perold a ne a batla ho etsa morara wa setlabolane Pinot e ya latsweha mme e hola ha bobebe ka ditshobotsi tsa Cinsaut.

E hlahisitse di peo tse nne, tseo Perold a lemming serapeng sa baahi ba moshwelella ba mapolasinf a yunivesity ya Stellenbosch Welgevallen Experimental. Ka mora dilemo tse pedi Perold o ile a nka maemo a KWV, moo qetellong baahi ba Welgevallen ba ileng ba fumane se tshwarehang bakeng sa nako e telele.

Lefatshe le nale yona taba yah ore Dr Charley Niehaus, eo e neng ele molektoro e monyane, o ile a boloka peo ho tswa sehlopheng sa se neng se rometswe hot la hlwekisa serapa se neng se hotse hantle haholo. Niehaus o ile a fa moprofesa CJ Theron peo eo, mme yena e ne ele hlooho ya lefapha la thuto tsa merara yunivesiting ya Stellenbosch ka selemo sa 1940 ho isa 1950.

Difate tsa morara di ile tsa etswa botjha sebakeng se oho hodiswang dimela coletjing ya Elsenburg Agricultural mme ka mora nako e ile ya faolwa kutu, tse ding tsa dikutu di ile tsa fumana kokwana mme 5tsa senngwa. Dukutu tse ileng tsa kgona ho phela di ile tsa sebediswa jwalo ka mme wa difate tsohle tsa Pinotage.

Mabitso a Mang

Perold Hermitage x Pinot Ho bolelwa Herminoire e ile ya ananelwa. Lebitso lena Pinotage le ile la fumaneha ka mora hore Theron a bontshe dikutu tse faotsweng tse nne ho Perold.

Tlhahiso Afrika Borwa

Sefate sa pele sa ho rekisa se lenngwe Myrtle Cove haufi le Sir Lowry’s Pass ka Muratie Stellenbosch. Mofuta ona o nkile nako pele e etsa metso indastering, ka ba lemi ba bararo fela ba nang le ona mofutana ka 1950.

Khalthiba e ile ya fuma setumo ha e ne hapa kgau ya Cape Young Wine Show ka 1951 le 1961. Molemi wa veine wa Stellenbosch ke yena wa pele ho sebedisa lebitso lena la Pinotage ka 1961, e le ho bapatsa tlhodisano y abo mpodi ya Pinotage ya Bullevue ka tlasa Lanzerac brand.

Sebaka sa Tlhahiso

Nothern Cape, Olifants River, Swartland, Klein Karoo, Paarl, Robertson, Stellenbosch, Worcester, Breedekloof and Cape South Coast.

Mahlahahlaha

Khalthiba e itekanetse mme e nala mahlahahlaha a matle haholo, ka boholo ba dihectara tse 10-15.

Ho Butswa

Ke mofuta o butswa karolong ya bobedi ya kgwedi ya Hlakola.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, e sebopeho se motopo ka mmala bolou bo botsho ha e botswitse. Letlalo le nonne le ya kgoramela, ka name e bonolo ebile e lero.

Makgasi

Makgasi a itekanetse ho ya boholong, a matala bo tebileng, e ba lelele mme enale marete a mahlano.

Disinyi le Mafu

Mofuta ona ha o ratehe ho hlobo, empa ka tlase ho sebodu ho feta Cabernet Sauvignon. Mathata a mangat a hlolwa ke hore Pinotage e botswa ka pele sehleng.

Tshebediso

Ponotage e ka sebediswa e le mofuta e le nngwe kappa ya tswakwa le difate tse ding. Mohla o le mong, ke motswako wa Kapa, o hlaloswang ele e motswako o mokgubedu wa Afrika Borwa o hlahelletseng o nang le bonyane 30%, empa e seng ho feta 70% ya Pinotage.

Veini

E ka etswa ka mefuta e mengata le setaele sa veine, ho itshetlehile ka moo e holang le butswa. Pinotage e ruile dikutu tsa methapo tse 110 tse lenngweng dilomong tsa Bophirima, mme e ka hlahisa tsa tso e ikgethang ya panama, ha ka dilomong tsa botjhsbela mobu o tebile mme o ka ntsha tholwana ya monokotswai o motsho, tse nang le letshwao la la letlao le la sekontiri. Tshebediso e bohla le ya oak, e ka fa Pinotage tatso tjokolete le kofi.

Translated by Sebongile Sonopo