Pinot Noir

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Ponot noir ke mofuta veine ya morara e amahanang le e nngwe ya di veine tse phatsimang le e thotseng ya theko e hodimo lefatsheng. Lebitso lena le tswa h lentsweng la Fora “pine” le “black” bolela kamahano yasebopeho sa bokoloniale ya merara e sehlopha e emetseng khone ya pine le mmala o lefifi wa menokotshwai.

Pinot noir e ho dumelwa hore ke e nngwe ya disele tse bong tsa kgale tsa leloko la Pinot. Ho akanywa hore ho nale diphetoho tse kababg 20 tsa diphatsa tsa lefutso tsa Pinot noir tse teng, ho bolelang Pinot girls le Pinot blanc le tsona di lenngwe Aforika Borwa, e jowa ka palo e tlase.

Tlhaho

Pinot noir e lenngwe Burgundy France ho tlowa ka disentjhuri tsa pele. Boholo ba Setumo sa yona bo kentse letsoho tumelong ya Cisteria ya Burgundy, eo dilemong tsa bohareng e ile ya lema sefate sa morara sebakeng se seng le se seng moo ho neng ho ahwa kereke. Ho feta dilemo tse lekgolo tsa ho etswa ha veine ya boleng, ditumelo tsena di ne di nka dintlha tsa direkoto tsa sehlehiswa moo ho neng ho ngotse le dibaka moo diveine tsena di mela teng.

Kgwetso ya ditumelo tsena e entse tlaleho ya lefatshe ka kotulo le tlhaho mohopolong wa ho bontsha boholo le bonyane ba maemo a sebaka, eo e neng e bitswa “terroir” ka moo e lenngweng. Difate tseo e neng e le tsa beng ba dikereke di ile tsa abela maloko Burgundy nakong ya phetohelo Fora ka dilemo tsa 1789.

Ho nale phephetso ya ho hola ha mefuta, tlhahiso e atetse dinaheng tse tse fapaneng dilemong jwalo ka ha dirtied tsa veine di ntse di leka ho fumana di veine tse ding tse nang le boleng tse amahanngwang le veine ya Burgundy. Ponot noir e ile ya tlowa ho ba boemong ba leshome le metso e meraro ho ya ho ya bosupa ya Semela se jalwang ka ho fitisisa ka 1990 le 2010.

Mabitso a mang

Mofuta ona o bitswa Spatburgunder Grermany, Brazil le Canada, Pinot Nero kapa Blauburgunder Greece. Hungary le Italy, Burgundac dinaheng tsa matjhaba a kopaneng le Yugoslavia.

Tlhahiso Aforika Borwa

Moprofesa Abraham Izak Perold o tlisitse Swiss BK5 Pinot noir ka sele ya bong ka selemo sa 1920 le Muratie Stellenbosch e ile ya ba rapolasi wa pele wa ho jala mofuta ona ka 1927. Mofuta ona ho ne ho le thata hore ipabole kantle ho Stellenbosch, hobane e ne e tsepamisitse maikutlo bongateng ba tlhahiso ya veine hona le boleng ba veine.

Palo ya tsamaiso e ile ya tsebahatswa mafelong a 1950, mme ya sedumelle kgolo ya shlahiswa. Mahareng a 1970, Tim Hamilton Russel wa Himilton Russel Wines mane molapong wa Hemel en Aarde o ile a etsa phapang e kgolo ka lokolla kgoneho ya nnete ya Ponot noir ka hara naha, ha a ne a nka qeto ya ho hlahisa le maemong ao palo ya tsamaiso e ne e etsa veine e phatsimang e seng veine ya tafole.

Yena mmoho le dirtied mmoho le yena eleng Peter Finlayson, Russel baile ba netefatsa hore molapo wa Hemel en Aarde ke mohopolo o motle wa tlhahisao ya Pinot noir.

Dijon e ntjha ya sele ya bong, e mahana hantle le tlhahiso ya veine e boreledi ya tafoleng, e bile teng Aforika Borwa ka 1990. Mmoho ka ho tsamaiswa ka ho hlahiswa ha veine ya boleng, sele ena ya bong e ntjha e ileng ya qetella e hlahisa mefuta futa, ho kenyelletsa Elgin, Doring Bay le Franschoek. Moprofesa Perold o teantse Pinot noir le Cinsaut ho hlahisa mofuta wa nnete wa Aforik Borwa, Pinotage.

Sebaka sa tlhahiso

Dibaka tse sa hlahiseng hantle Ponot noir Aforika Borwa di phahame ho tlowa ho 0.8% ya kakaretso ya sebaka se sahlahiseng veine hoya ho 1.2% ka 2016. Mofuta o hlaha dibakeng tsohle tsa tlhahiso ya selehae, sebaka se seholo moo sefate se leng teng ke mabopong a Borwa ba Kapa, e latelwa ke Stellenbosch, Robertson le Paarl. Mofuta ona o hlaha dibakeng tse phodileng moo mobu ruileng lime.

Kgolo

Pinot noir e lokiseditswe ho hola ka mafolofolo. Kgoneho ya kgolo e pakeng tsa 8-14ha, empa kgefutso e lokela ho bolokwa e le fatshe ho phahamisa boleng ba veine.

Ho butswa

Merara e butswa qalong bohare ba sehla, ho tlowa karolong ya pele ya Hlakola.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, e motopo ha nyane ka bebala e tlohang dipakeng tsa perese bo bolou ho isa ho botsho. Letlalo le lesesane le matla, dijo di bonolo, di tswekere ebile di rothisa mathe.

Makgasi

Makgasi aitekanetse ho ya boholong, a kgidikwe ka marete a mararo.

Dikokwana tsa disinyi le mafu

Mofuta ona okgaola bakeng sa letsatsi, dikokwanahloko, fungi le ho bola. Kgolo e ka pele e fana yona bakeng sa hore e seke ya sengwa ke dinonyana.

Tshebediso

Pinot noir Afrika Borwa e sebediswa bonyane ho hlahisa veine e phatsimang le ya boleng e thotseng. E ka tswakwa hape le ka le mefuta e meng, mme Chardonnay le Pinot meunier ke kgetho e ntle.

Tatso

Kakaretso ya tsao ya Pinot noir e hlohloletswa ke mefuta e fapaneng, ho kenyelletswa le sebaka sa tlhahiso, bonyane le boholo ba maemo a lehodimo, tsela eo sefate se tshwerweng ka yona le tsamaiso ya tlhahiso ya veine. Veine e nyane e ka latsweha jwalo ka tholwana ya rasberi, porema, cranberi le cheri, eo ha e ntse e hola e bang le tlhokomediso ya fungi, mushroom, nama le mefuta ya ditjhabeng.