Pangolin
Kgaha

© Nigel Dennis

Lebitso

Kgaha, Kgaha ya lefatshe (Manis temminckii), hape e tsejwa ka kgaha ya Temminck kapa kgaha ya Kapa.

Ponahalo

Kgaha e lekanyetswa le mehato e fetang mithara enngwe ka bolelele le boima ho fihlela ho dikilogerama tse 18. Mmele was yona o sireleditswe ke makgakgapha a manyenyane haholo a palamaneng jwaloka dithaele tse rulelang ntlo a sootho, makgakgapha a na a ikgethang ke ona a e kgethollang hara diphoofolo tse anyesang tsohle.

Ntle le phatleng ha hona makgakgapha hloohong kapa mpeng, kapa ka hare ha maoto a yona. Dinoko tsa pele le tsa ho qetela tsa maoto di fokotsehile, athe dinoko tse tharo tse bohareng le manala a yona hantle a ntshetswa pele bakeng sa ho cheka. Maoto a ka pele a boetse a le makgutswanyane ho feta maoto a ka morao. Mohatla wa yona o sephara o keletso e chitja.

Dijo

Ka hobane kgaha ke mofuta wa phoofotswana e jang dikokonyana, e fumaneha ha ngata bohloa le bohloa ho e tshehetsa, ho ipusa ka ketsahalo ya yona. Ntho e nngwe e molemo ka ketsahalo ya yona, ke hore e fumaneha ka moo ho nang le moepo kapa mefuta e meng ya bodulo. Di e fepa ka bogolosegolo ka bohlwa.

Kgaha haholo e hlaha e kgetha ka hore e fepang hobane e ja feela mefuta e 19 tsa bohlwa le marwana. E itshwarella dijo ka monkgo, ebile le ka tlase ha mobu. Ha e se e fumane dijo, dithanele di a buleha ka maoto a ka pele. Leleme le dimilimithara tse 250 ka botelele, le bophehileng jwalo ka molamu le kwahetsweng ke mathe hape le kgoramela.

E sebedisa leleme le yona ho ho bokella dijo ka ho kenya leleme la yona ka hara dithanele tsena. Ha e hula leleme dijo ditla di kwahetswe mathe a yona e be e dibokella molomong. Ho e fepa hona ho etshahala ka boitlhakiso makgetlo a 90 ka bosiu, mme ho e fepa hona ho nka motsotso o lemong ka nako.

Ka o bane ha ena meno, lehlabathe le keneng ka hanong letlileng ka ho hulwa ha dijo le thusa ka ho hlafunwa ha dijo ke molomo o mesifa wa yona.

Ho Ikatisa

Dikga di ba mmoho ka bobedi matsatsi a 1-2 nakong ya Hlakubele. Thobalano e hlaha ha di bapile ka mahlakore, e tona qobella mohatla wa yona tlasa e tshehadi. E tshehadi e tswala ledinyane ka morao ha nako ya ho emara matsatsi a 135.

Tswalo e tsahala ka Phupu kapa Phato. Ledinyane le nnyantshwa ka hare ha lehaha, moo le siiwang teng ha mme yona a yo sela. Hangata ledinyane le iswa lehaheng le lecha ka morao ha kgwedi ya pele.

Boitshwaro

Dikgaha di itlhomella hantle bakeng sa itshireletsa. Kgaha hangata e iphutha jwalo ka bolo ha e tshohile. Dikgaha tsa Arboreal di iphutha jwalo ka bolo ka sekoting sa sefate bosiu ha dibatla ho robala.

Dikgaha di halefa ka makgakgapha a tsona ha e kareng lehare ebile a le nchocho. Hape di nale ditshwelesa tsa monko tse tshwanang le tsa dinakedi tseo di ka disebedisang ho nyanyatsa dira.

Dikgaha dikgona ho tsamaya ka maoto a le mane, emapa ha di batla ho sebedisa lebelelo di tsamaya ka a mabedi a ka morao maoto le ho sebedisa mohlaka bakeng sa tshehetso. Di matha ka lebelo la 5km ka hora.

Bodulo

Tikoloho e ratang haholo holo bakeng tsa meru ya makgulong, empa e boetse e fumanwa ka makhulong etlang metsi, matswapo a majwe. Ha di fumanehe mahwatateng le merung.

Moo Difumanwang Teng

Afrika Borwa kgaha e fumaneha ha haholo ho fetisisa moo pele eng e bitswa bochabela, lebowa le bophirimela ba Transvaal, karolong e ka lebowa la KwaZulu-Natal, ka lebowa-bochabela ba Kapa, ho tloha moo kabo ya yona e tswela pele ka dinaheng tsa boahelane.

Dintla tse Thahasellisang

Dikgaha di kotsing ya ho fela hobane letlalo la yona le etsa dirifi tse ntse, ho tshwana le dirifi tsa le tlalo la noha kapa la armadillo. Hape, Dikgaha di ya jewa dikarolong tse ding tsa lefatshe. Ke feela mefuta e akarelletsang tse supileng tsa diphoofolo tsena tse nyantshang tsa di Pholidota tse phelang, dikgaha kapa dithakadi.

Ho na le mefuta e mene Afrika mme tse tharo boroa-bochabela ba Asia. Dikgaha ne di fumaneha lefatsheng ka bophara, e le hantle mehleng ya batla magala kgaha, Eomanis, e kile ya fumanwa ho Eocene tsa Jeremane, mme e mong kgaha magala e se e fumanwang ka Oligocene ka tlaase ha Amerika Lebowa.

Kajeno, ka lebaka la timetso phelang le tsoma (makgakgapha a kgama a sebediswa morianeng wa Machaena le wa Afrika), le mefuta e meraro ea Asia le e mong wa mefuta e Afrika di kotsing.

Dipalo tse Bohlokwa

Lebitso la se Latin: Manis Temminckii
Boima (E tshehadi): Dikilogerama tse 4,5 - 14,5
Boima (E tona): Dikilogerama tse 4,5 - 14,5
Bolelele (E tshehadi): 80 cm,
Bolelele (E tona): 80 cm,
Nako ya ho emara: Dikgwedi tse ± 4
Palo ya madinyane: 1
Taelo: Pholidota
Lelapa: Manidae
Ho ikatisa: Ledinyane le leleng le tswala ka Motshwenong - Phupu ka morao ha nako ya ho emara ya dikgwedin tse 4.

Tlhaloso ya Spoor

Di spoor di bontsha mekatelo e lekana ka maoto a ka morao hangata a na le manala a mane manala ho ema fatshe, hangata ka di dinako tse ding e ntsha mohatla le letshwao la metshetshe pela telele, e kobehileng, manala a yona a ka pele.

Dintlha tsa Tshimo

Lebitso la ya yona le tswa lentsweng la Semalay pengguling, e bolelang ‘ho iphutha’ mme e hlalosa mokgwa oo ho kagaha ee phetholang ka boyona jwalo ka bolo ha sokelwa. Ka lebaka la mekgwa ya yona ha se tlwaelo ho e bonwe ke baeti ba diphoofolo hape e hodima lethathamo la “di tlameha ho bona”.