Nelson Rolihlahla Mandela ba Raymond Louw

© Eric Miller

O reretswe ho ba morena

Dilemo tsena tsohle mopresidente Nelson Mandela o ne a kwetlisetswa ho ba moetapele eo e leng yena kajeno. Nelson Rolihlahla Mandela (Rilihlahla e bolela ho hula lekala sefateng, empa bo nnete ba lona ke “setlokotsebe”) o hlahile ka la 18 Phupjane 1918, Qunu, haufi le Umtata Transkei, mora wa Nonqaphi Nosekeni le Henry Mgadla Mandela, morena e moholo wa Bathembu. O qetile bongwana ba hae a le Transkei a kwetlisetswa borena.

Ntate wa hae o hlokahetse ka 1930, mme amohelwa ke motswala wa hae, morena e moholo ya tshwereng mokobobo wa BaThembu, David Dalindyebo. O entse sehlopha sa 10 Healdtown Methodist Boarding School, mme a ya yunivesiting ya Fort Hare a fetela hoba moithuti wa polotiki. Ke moo a ileng a kopana le Oliver Tambo eo ha mamorao a ileng a ba mopresidente wa ANC. Ka bobedi ba ile ba lelekwa ka ho kena seteraekeng sa baithuti.

Qalo ya mokgatlo wa batjha wa ANC

Mandela o ile a ya Johannesburg, o ile a tsamaya a baleha lenyalo le lokiseditsweng la setho, mme a fumana mosebetsi mmeaneng wa kgauta jwalo ka leponesa.

Ka mora nako o ile a fumanwa ke baleloko mme o ile a ipata ka potlako. O ile a kopana le Walter Sesulu, ya ratileng Tambo mme ya eba metswalle ya nako e telele. Sesulu o ile a mothusa ho fumana feme ya diratswana e molaong. O ile a qeta BA Degree ya hae ka ho balla lapeng, mme a ya ho qetella LLB ya hae yunivesiting ya Witwatersrand.

O ile a amohlwa jwalo ka moemedi qalong ya 1950 mme a bula kantoro le Oliver Tambo. E ne e le tshwarisano ya pele ya batho ba batsho Afrika Borwa. Ba ile ba hlekefetswa ke ba tshwereng matla ba batla ba tswe hara Johannesburg. Ba ne ba batla hore lebitso la Mandela le ntshuwe rolong ya baemedi.

Ka nako eo Mandela e ne e le moetapele wa sehlopha sa batjha ba ANC ba ileng ba mamella boetapele le maqithi a molao theo wa ANC mme ba etsa boipiletso ho mmuso ka boitshwaro. Ha pejana a ne a nkile qeto ya ho aha ANC e be mokgatlo a moholo o hodisetswang setjhaba sa Afrika le boikemisetso ba yona. Mohato wa pele o nkuweng ka 1944, ke ho qala ha Sisulu le Tambo mokgatlo wa batjha wa ANC, mme o ile a ba mopresidente wa matjhaba qetellong ya 1950.

ANCYL e ile ya batla bodulo bo felletseng le ho laola baemedi ba palamente bakeng sa MaAfrika Borwa ohle, lefatshe le lekantsweng, ditokelo tsa kopanelo ya kgwebo, thuto ya mahala bakeng sa bohle le lenane tsamaiso la botjhaba. Ka hoo ha hlaha letsholo le kgahlano la 1950 moo a ileng yaba moetapela ya ithaopileng. Morero wa bona wa pele e ne ele ho kgaola molao wa qomatsi. Jwale ha qala nako eo Mandela aneng a kgohlana le ba tshwereng matla.

Bohato bo kopaneng boo e seng ba morabe

Pele Mandela le basebetsi mmoho le yena ba ne ba sa tshepe mekgatlo ya merabe e meng mme ha latela kakaretso ya setumo sa Afrika. Empa nakong ya letsholo le kgahlano o ile qala ho lokisa pono ya hae mme ka mora nako a ba mmmuelli wa popota wa mokgatlo o seng wa merabe. Ka 1952 a ba lebatho ba bangata ba tshwerweng ba ahlotsweng ka molao wa ho hatetella bokomonisi.

O ile a fumanwa mme a ahlolwa kgwedi tse robong a kgaolwa dilemo tse pedi. O ne a thibetswe le ho ya dibokeng le ho sitiswa ho tswa ka hara Johannesburg.

Ka mora hore nako ya hae ya thibelo e fele, ba ile ba ekeletswa mme sena sa ya dilemong tse robong, empa o ile a nna a tswelapele ho sebetsa le maloko a manyane mme a kenya tsamaiso ya sele ka hare ho makala a ANC a lokisetsa kgoneho ya mosebetsi wa ho ikgakanya.

Teko ya ho phethola

Ka Tshitwe 1956 e ne ele e mong wa bo radipolotiki ba mafolofolo ya ileng a tshwarwa mme a ahlolwa ka ho pethola ho hodimo. Ena e bile “teko ya phetholo” e tummeng haholo e ileng ya hohela lefatshe bakeng sa dilemo tse hlano kaofela. Mandela le baqosuwa mmoho le yena ba ile ba ntshetsapele ho ba kgahlano ka mora hore babuelli ba bona ba ba nyahlatswe ka 1960 mme bare maemo a potlako.

Qetellong kaofela ba ile ba lokoloha. ANC e thibetswe ka 1961. Mandela o ile a ya lokela ho ikgakanya mme a tsebahala ka lebitso la “Palesa e ntsho” jwalo ka ha ile a bopa molao dikgwedi tse 17. Nako le nako o ne a tla etsa dimakatso ka ho hlaha dikopanong, a etse puo mme a nyamele.

O ne kganna letsholo la setjhaba kopanong ya setereke ho etsa molao theo wa demokrasi, mmoho le seteraeke sa ho dula hae le dipontsho. Bonyane motlalehi ya sebete wa korwanta, Peter Hazelhurst, o ile a buisana le yena ka nako e nngwe. Hazelhurst o ile a nkuwa ka nako e nngwe ba kopana toropong, mme ba mokwala mahlo ba kganna ho potoloha ho mo etsa a kopane hlooho. Ka mora nako a iphumana ka phaposing. Ba mmula mahlo Mandela ke yona.

Tlaleho ya hae ka Mandela e ile ya hlaha Sunday Express, sena se ile sa halefisa ba tshwereng matla. Ba ne ba batla ho tseba hore Mandela o kae , empa Hazelhurst o ne a sena ho ba tsebisa, hanyane hobane o tshepisitse hore a keke a ba jwetsa, empa hape le hore o ne a sena tsebo hobane ba ne ba mo kwetse mahlo. Empa puisnao eo e ile yaba leqeba le bohloko ho mmuso.

Translated by Sibongile Sonopo