Nelson Mandela moetsi wa kgotso ka Raymond Louw

© Eric Miller

Dijo tsa motsheare le mafumahadi a balebedi ba teronko

Ho nka botho bo nang le boleng bo ikgethileng bakeng sa monna ya qetileng dilemo tse 27 tsa bophelo ba hae a kwalletswe tjhankaneng, lehlatsipa la tsamaiso e kgopo eo maikemisetso a yona e neng ele ho mmoloka le batho ba hae ka taolo e sa feleng ba tlanngwe, ho lo thabisa bahlolohadi le basadi ba balebedi ba tjhankane dijong tsa motsheare.
Ke seo mopresidente wa Afrika Borwa Nelson Rolihlahla Mandela a ileng a se etsa, dilemo tse hlano ka mora hore menyako ya tjhankane e bulehe mme a tswe e le monna ya lokolohileng, ka mora nako o ile a nyollelwa maemong a hodimo kantorong ya naha e leng se ileng sa hlaloswa ele mohlolo wa dikgetho.

Ho ikopanya ha setjhaba se setsho – ho ne ho le siyo

Dilemong tse seng kae feela basadi bana ba ne ba tlo bonwa ba eme ka ho tiiya ka thoko ho banna ba bona ba tansetsa tumelo ya morabe oo ba neng ba o entse feshene ya moaparo wa molao wa kgethollo. E ne e le leano le dikgoka le neng le neng le hatella bongata batho naheng ba ballwang dimiliyoneng tse 40 hore ba sebe bohlokwa ka ho bontsha matla a kgatello ho bona ka ho ba busa ka dimiliyone tse tharo tsa batho pusong ya Afikaner Nationalists. Basadi ba ikopanyang setjhabeng se setsho ba ne ba le siyo.
Batho ba batsho ba Afrika Borwa e ne ele bakapi ba dipatsi le bahudi ba metsi, ba ne ba loketse feela mesebetsi e fatshe e neng e laolwa ke melao ya banna ba bona eo ba iqapetseng yona. Le maemo a neng a fetoha ka digrate tse itshetlehileng kgethollong. Ha batho ba batsho ba ne ba sa itshware hantle kapa ho ikokobetsa ba ne ba tshwarwa malapeng, ba kgaolwa, ba lelekwa kapa ba bolawa. Mopresidente Mandela ka bo yena o fitle haufi le bophelo bohle ba hae ka ho fuwa dikotlo tseo.

E le nngwe e hannwe

Sememo se le seng sa sa dijo tsa motsheare sa mohlolohadi wa kgatello se ile sa hanwa ka mokgwa o motle. Monna wa hae, Dr Hendrik Frensch Verwoerd, o ne a mothei e moholo wa kgethollo pele a bolawa ke palamenteng ya mmuso o ferekaneng ka 1966.
Ke monna ya qetileng bophelo ba hae a sebetsa ka tsela e matswedingtsweke le hore Afrikaner Nationalist e dule bophelo ba yona e tshwere naha le ho ikgotsofatsa ditoro tsa morabe wa bona dikhampaning tse kgolo tsa makgowa a bo bona motseng ya ditoropo tse arohaneng ha ba ntse ba kgola melemo le bophelo bo phothulohileng bo entswe hore bo be bobebe ka theko e tlase ya mosebetsi o boima wa batho ba batsho.
Ka dilemo tse 94, Mrs Betsie Verwoerd o ile a bea mofokolo wa hae wa mmele o mo thibela ho tsamaya, ho ya Pretoria, empa ka lebaka la hobane ke leqheku le nang le maitshwaro a matle, o ile hana mme a kopa hore a ka thaba e bang mopresidente a ka feta lapeng ho yana a ka thaba ho mmona.
Hona ho bolela hore mopresidente o ne a lokela ho tsamaya dikilomitara tse 1 100 (700 miles) moo ho ommeng le marwele a Orania Karoo karolong e hodimo ya notheren Cape, moo Afrikaner Nationalists e nang le sabusabu ya lefatshe moo ba ileng ba etsa toropo ya ba basweu feela. Ba mmala ba neng ba phela moo ba ile lelekwa hampe. Mona ho ne ho lelekwa e mong le e mong ya motsho.
Demokrasing e ntjha Afrika Borwa molao wa ho sebetsa ka thata ka theko e tlase ya molao wa kgethollo o ile wa fela mme motho e mong le e mong o ne a lokela ho etsa mosebetsi wa hae le ho hlwekisa tsamaiso ya dikgwere kgwere, ho ne hoena le tebello e nyane ya hore mopresidente Mandela o tla letsa.

Mandela o etela Orania

Empa sena e ne le kananelo e boima bakeng sa mopresidente ya ho lo thabisa mohlolohadi wa tona kgolo wa mehleng John Balthazar Vorster. E ne ele ministara wa toka, mme Vorster o ile a piketa bakeng sa tjheseho ya boqapi ba ho kenya tshebetsong molao wa ho laola batho ka kgatello, ntle le diketsahalo tse sehloho tseo e di entseng, e ile a fetola Mandela le batho ba hae ho sebe batho.
Mopresidente Mandela o ile fofela tlase Orania, o ile a nwa tee le dikuku mmoho le Mrs Verwoerd a beile letsoho lehetleng la hae mme a bososela, o ile a itlhalosa ka mantswe a Afrikaans ka ho fokola ha a ntse a bala lengolo leo a le ngotseng. “Ke kopile mopresidente ho nahana ka Volkstaat ka pelo bohloko mme ka mo hore ha a lahla MaAfikaner a mpa a etse ka bohlale”, ka moo lengolo le balehang. O ne a hlalosa ho ya tlhoko ya Afrikaner Nationalist hore ba fuwe mmuso wa batho ba bona moo ba tla sebedisi matla kantle le ho sitiswa ke bongata.
E ne a akaretsa ka mokgwa wa ho batla karolwana ya bona ya kgethollo, moo ba tla kgona ho iketsetsa melao, ha ho potoloha tokoloho ya pele Afrika Borwa e tla tswellapele ho senya matshwao ohle a molao wa lehloyo. Mopresidente o ile a bonahala a maketse ke thepa ya kgethollo, e kang “poraefete ka ho tiya” matshwao a moo ho kenwang ditoropong, diemahale tsa Verwoerd tse reng “Ke bontshitse tsela” matshwao le bosiyo ba difahleho tsa batho ba batsho moo batho ba batsho ba leng bangata ka ho fitisisa ditoropong. A hlokomoloha le letshwao la “ba basweu feela” mokgwa wa ho kopa ho eta. O ile thuto ya ho leka ho utlwisa batho bohloko.

Translated by Sibongile Sonopo