Nako ya ho Imodisa Kgomo ya Lebese

© Pieter Langenegger
Ka mora hore e fumane namane, popelo ya kgomo e hlaphohelwa ebe e kgutlela ho ya boholo ba yona bo tlwaelehileng. Nako ya ho fola e ka ba matsatsi a 25 ho ya ho a 50. Ha kgomo e na le bothata ba ho beleha, e ka lebisa ho tshwaetso ya popelo ya yona mme sena se ka eketsa nako ya ho hlaphohelwa ha popelo. Nako ya mocheso e tlwaelehileng ka mora hore ho hlaphohelwe popelo. Ka mora moo dikgomo di kena mochesong ka matsatsi a 19 ho isa ho a 21. Potoloho ya mocheso e akarelletsa ho ntshetsa pele ha follicle maheng a bomme ho lokisetsa ho tswa ha ovum ya hore lehe la mosadi le peo ya monna di kopane. Ha ho se na mmele, mokgwa ona wa ipheta.
Ho na le dipontsho tse ngata tsa dikgomo tse bontshang ha di chesa, empa pontsho e ntle ka ho fetisisa ke hore di ema di tshwarwe ke poho kapa di kenngwa. Hape hlahloba hore ho na le dikgahla tse hlakileng tsa di mucus tse tswang ho vulva. Ho tsamaya hantle ha lehe (ha follicle e phahama ho lokolla ovum) e etsa dihora tse ka bang 12 kamora ho fela ha mocheso o emeng.

Mokgwa wa ho Emodisa lehe ka Tsela eo e Seng ya Tlhaho (AI)

Le hoja AI e nkwa e le mokgwa o bonolo, mokgwa o nepahetseng o lokela ho latelwa bakeng sa kgomo ka nngwe. Peo ya botona bakeng sa AI e bolokilwe ka 0.5 ml ya mahlokwa a polasetiki ka hara botlolo ya peo ya botona ka 196°C. Methati e meng ya motheo ya AI e kenyelletsa tse latelang: ho qhibidihiswa ha peo ya botona sebakeng se otlolohileng (se setle) ka botlolo ya thermos e nang le metsi a futhumetseng a 35°C. Tlosa lehlokwa ka mora motsotso o le mong, omisa lehlokwa ho sebedisa lesela la pampiri ebe o kenya jwang ka hara molamu o tshwantswang o futhumetseng (pistolet). Qoba ho fela ha lehlokwa ho dumella peo ya botona hore e hlajwe ka ntle le polasetiki ka hodima lehlokwa le pistolet bakeng sa tshireletso kgahlanong le dikokwana-hloko. Hona jwale, kenya pistoleteng ya kgomo mme o e tataise ka hloko ho ya ka hare ho cervix le ho kenya peo ka hara cervix.
Kamora moo, popelo e ka senyeha ho susumetsa mokgatlo wa peo ya botona ka hara lenaka la popelo. Etsa kgomo e arohane mme e kgutle ka nakwana ka mora ho senyeha. Haeba ho imodiswa ho sa ka hwa atleha, kgomo e tla ba mocheso hape, matsatsi a 19 ho isa ho a 21 ka mora mocheso wa yona wa mocheso o fetileng.

Translated by Bongani Matabane