Motshwaruwa Mandela ka Raymond Louw

Matla a boitshwaro

©Eric Miller

Dikgetho tsa 1994 di ile tsa fedisa dilemo tsa 342 tsa puso ya banna ba makgowa, banna ba neng ba kgothaletsa setshwantsho sa bokgowa ba bona le tlhaho ya Europe e neng e bafa matla a ho busa kantle le ho buisana le dimiliyone tsa batho ba batsho ba dulang Afrika Borwa. Ntlafatso ena e ne ele e makatsang hobane boitshwaro bo nang le kgotso bo ileng ba etsahala kamora dibomo tse ileng tsa tshwanela hoe ma le botebo ba tlhaku ya motho ya entseng tsohle hore ho etsahale.

Phetoho e ile ya phatsima ka mefuta ya mekete le maemo. Ho ka ba thata ho hopola e nngwe e qadileng ka motshwaruwa ya ileng a ahlolwa bophelo ba hae bohle tjhankaneng naheng e buswang ke mmuso wa kgatello o seng o sena matla ntle le matla a boitshwaro a kopo ya hae.

Ho tswa ho seo a sa serateng sehlopha sa ba tllase, motshwaruwa Mandela o le a ntsha maikutlo ho bo baetapele ba bo radipolotiki ba naha hore ba lokela ho kena dipuisano batho ba batsho ba bangata ho fedisa kgatello. Ke e nngwe ya dintho tse neng di keke tsa etsahala le torong e monate.

Monna a le mong ya neng a bonahala a fokola ditlamong tsa hae, a nang le sebete sa ho jwetsa balebedi ba tjhankane hore ba tlohele matla ao ba a sebedisang, e leng tsela e ka tlisang sephetho se le seng feela, ho fana ka matla ho batho ba hatelletsweng.

Ho qoba merusu ya selehae

Mokgwa o mong e ne ele hore history hangata e laela hore ba tshwereng puso, ha ba tsotelle hore ho ka senyeha ha kae, hofihlala ho senyeha ho be ho be le ntwa ya selehae, e tla siya ho lethata bakeng sa mmuso o mong ho busa e ntse e lokisa tshenyeho setjhabeng. Dimiliyone tse 40 tsa MaAfrika Borwa di ne di balehela qetello e jwalo, haholo ka lebaka la morolo wa boikarabelo, monahano le kgatello ya motshwaruwa Mandela.

Kantle le ho qeya qeya, mopresidente w aka nako eo Frederic Willem de Klerk ne e le senotlolo tsamaisong eo. Empa De Klerk o ile a bala matshwao hantle. O ne a tseba hore ebang antse a tswela pele ka kgatello le ho busa naha e tla putlama, pele muruo mme ka morao ntwa ya selehahe.

Sehlekehleke sa Afrika Borwa

Motshwaruwa Mandela o ile tlisa talente e lokelang hontlafatswa dipuisanong. O ne a dula a rut aka boitshwaro, o dule o tsepamisitse maikutlo mme ba monyetla wa thuto. E ne ele moetapele wa Alcatraz, Robben Island, monna ya hlasimollotseng batshwaruwa mmoho le yena, a ba kopa ho bala le ho aha mmele le kelello tsa bona.

O ile a bontsha mamello e kgolo ka tjhebo ya phapang ya dipolotiki le ho kgothaletsa kopano ho batshwaruwa mmoho le yena. O ne a hlomphuwa ke batshwaruwa mmoho le yena e le letshwao la ntwa ya bona. Boetapeleng ba hae motshwaruwa o ile a ntshetsapele puisano hara bona le boetapele ba ANC ba tshabetseng mose.

A sebedisa metjha e etshwang , batshwaruwa ba ne ba bolokuwe ba bapile bakeng sa kgolo ya polotiki. O ngotse le tsa bophelo ba hae, “Long Walk to Freedom” e neng e ngotswe ka mongolo o monyane ke batshwaruwa mmoho le yena mme qetellong ya bolokwa ke motshwaruwa mmoho le yena Mac Maharaj.

Motse oe lokolohileng wa batho ba batsho Mmuso o lekile ho kgaola manganga a hae ka ho motshepisa ho tswa tjhankaneng ka 1970, ka ho ananela se bitswang “motse wa batho ba batsho o lokohileng” Transkei le ho ba le tekanyetso ya meedi. E bang a ne a ka dumela o ne atlabe a dumetse hore kgatello e tswele pele, molao o neng o tla kgannele naha ho arohana ka merabe, le hore batho ba batsho ba ipuse. Mandela hana ka ho otloloha.

Mme mmuso o ile wa hlolwa leweng leo, empa ka bo 1980 ba ile ba etsa teko e nngwe hape, ba motshepisa ho mo lokolla e bang a ka tela merusu. O ile a araba ka pele a re batshwaruwa ha ba kene dikontrakeng le ditlhoko tse beuweng hore mmuso o emise ho lwantsha batho ba batsho.

E ne e le kopo e phepetsang haholo hobane Mandela e ne e se e le dilemo tse 20 a le tjhankaneng. Kopa ena e ne e se e isitswe le ho batshwaruwa mmoho le yena, mme e bolela boholo ba maikemisetso a kopano a neng a a kgothaletsa le matla a neng ba fa ona.

Translated by Sibongile Sonopo