Mandela le Ukhonto we Sizwe e tlalewa ke Benjamin Pogurd

© Eric Miller

Lerumo la setjhaba

Mahareng a 1961, baetapele ba ANC ba ile ba kopana sephiring mme ba nka qeto e mahlonoko ya ho qala Umkhonto we sizwe (MK), ho putsa tshokolo kgahlano le kgethollo.

Mandela o ne a fuwe boikarabelo. Qeto ena e ne e phehiso e hlokolosi haholo, ditlhaselo di tlaba thepeng, mme ho keke ha eba le dipolawo tsa baahi. Sena se ne se itshetlehile pele ho tumelo ya ANC molaong wa Mahatma Gandhi wa ho sebe le merusu le hore e bang ba bolaya makgowa ho matlafatsa tshabo ya bona ya puso ya bongata.

Ka tebello tse seng kae molao ona o ne o entswe bakeng sa dilemo tse leshome ha raro. Ka molao o motjha o bewang, Mandela o tsamaile ho ralla le Afrika mme a ya le Britain mmoho le Soviet Union.

Mmuso o ne o se o itebeletse bakeng sa ho kgutla ha hae mme a nyenyelepa ho kgutlela morao ntle le ho bonwa, ho ya Bechuanaland ya mehleng, e ha jwale e leng Butswana. Bakoloniale ba Britini ba tshwereng matla ba ne ba tseba hantle sebaka le moo a lo kenang teng Afrika Borwa, empa ha ba kaba ba tsebisa Pretoria.

Ke ile ka jwetswa sena ke moetapele wa tshireletsi, Gerry Forrest, mme ke ile ka tseba hore o buwa nnete hobane dipuisanong tse fitileng o ne a ena le lenyatso seponeseng sa Afrika Borwa mme a hloile le kgothaletso ya tshireletso le lebaka la mohoplo wa bona wa ho itshola.

Taba e nngwe e ileng ya mo tena ka ho fitisisa ke ha a ne a tla Afrika Borwa mme leponesa borokgong la batla a bule bonete ya koloi ya hae. ‘Le nahana ke patile Mandela ka enjening ya kiloi?’ Forrest a botsa ka ho makala. Ka Phato 1962, Mandela o ile a hapuwa tseleng a leba Natal, mme o ile a tshwarwa bakeng sa kgothalletso le ho tswa ka hare ho naha ntle le molao.

O ahlolelwa Robben Island

Ka mora nako a tshwerwe, Revonia Trial e ile ya etsahala, mme ba sebedisa ditokomane tseo ba di fumaneng moo, yena le basebetsi mmo ba ile ba kena tekong polokong e hojana ka kahlolo ya ho leka ho diya puso ka dikgoka. Kahlolo ya lefu e ne ele leru le leholo nyeweng ena mme tshabo e ne e le hore e ka nna yaba nnete.

Kantle ho sedikadikwe sa mmuso ho ne ho nahanwa feela hore matla a kgatello ya matjhaba e ne e etsa hore baahlodi ba boele morao mme hoena le moo ho lifisa Mandela ka bophelo bohle tjhankaneng. Mandela o ile a iswa tjhankaneng e kgolo ya Robben Island jwalo ka batshwaruwa ba bang ba 1 400 ba tshwerweng moo.

Mmuso o ile wa hana ho ba amohela jwalo ka batshwaruwa ba dipolotiki, empa ba ile ba ba tswara jwalo ka batshwaruwa ba entseng ditlo tse ding le tse ding tsa molao (ntle le hore bona ba ne ba sa fuwe ho ka thweng ke nngwe ho ya borarong ha kokobetso ya kahlolo e neng e fumanwa ba bolayi, dibeti le disinyi).

Mandela o ne a fumana dijo tse nyane papisong le ba mmala le batshwaruwa ba bang ba Asia, mme bohle ba ne ba fumana ka tlase ho makgowa, le ba Revonia Trial ba neng ba kwalletswe tjhankaneng ya selehae ya Pretoria.

Daily Mail e ya pepesa

Daily Mail e ile ya thusa Mandela le batshurwa ba bang ba batho ba batsho ka ho pepesa maemo a hlephileng tjhankane ka 1965. Mmuso o ile wa hana nnete ya seo re se phatlaladitseng mme ba qeta dilemo tse nne ba ntse ba qosana le dimpimpi tsa rona mme qetellong dieditara mmoho le batlalehi, re ne re leka ho ntlafatsa maemo.

Haholo holo sepheto sa Mandela le ba bang, ba ne phela ka hara bohloko ba disele tsa konkreite tse batang, mme ba ne ba sa fuwe dieta le dikausu, ba ne ba rwala dieta tse bulehileng (batshwaruwa ba bang ba ne ba sena le tsona, ba ne ba tsamaya ka maoto), ba fuwa madukgwe a malele ha ba ne ba lokelwa ho fuawa a halefo ao ba neng a bitsa bodikgwe ba ‘tsotsi’ , mme ba fuwa dijeresi bakeng sa taolo.

Maemo ana a sehloho a ile nolofala mme ho ile ha fela ho bakati ba tjhankane, ka sehlohong e ele Mandela ho ba wa pele bafuputsing. Mandela o ile a nna a tswela pele ho hola tjhankaneng.

Kgohelo ya hae ya tlhaho le boleng ba tla ka pele. Ha a ka a etella pele feela banna tjahankaneng, empa o ne a hlomphuwa ke bo radipolotiki ba qothisanang lehlokwa le bona, Pan Africanist le lehlomela la Poqo, African Resistance Movement e nyane le Yu Chi Chan Club e nyane.

Mandela ka dinako tsohle o ne a le teng bakeng sa ho thusa ba hlokang dikeletso. O ne a tsebahala ka boikokobetso le boitelo ba ho mamela tseo ba bang ba di buwang.

Translated by Sibongile Sonopo

Mandela, The Moral Voice of Africa

Sebakeng sa OAU Tunis ka Phupjane 1994, motlalehi o ile a hlalosa mopresidente Mandela e le “lentswe la boitshwaro la Afrika”....more