Mananeo a ho Entwa ha Dipodi

©Susan Schoenian University of Maryland Extension
Dipodi di ka entwa ka mekgahlelo e sa tshwaneng ho pholletsa le tswelo-pele ya tsona ho sireletsa kgahlanong le mafu le malwetse. Bala ditaelo mme o latele ditlhahiso tsa moetsi wa meriana. Ela hloko ka ho kgetheha ha o sebedisa diente ka dipodi tseo e leng baimana.

Meriana ya Dipodi

©Susan Schoenian University of Maryland Extension
Meriana ya diente le phekolo ya mafu a podi e lokela ho sebediswa ho latela ditaelo tse pampitshana ena. Haeba mokgwa o nepahetseng o sa latelwa, meriana e ka nna ya se ke ya sebetsa.

Etsa bonnete ba hore meriana e sebediswa ka ho toba bakeng sa tshebediso ya dipodi, eseng, ka mohlala, bakeng sa dikgoho.

Etsa bonnete ba hore phoofolo e amohela tekanyo e nepahetseng ya meriana. Tse tshehadi di ka lekanyetsa ke boholo le boima ba podi.

E le ho atleha, meriana e meng e ka nna ya hloka ho fanwa hangata, ha e meng e hloka feela ho sebediswa hanngwe.

Meriana e sa tshwaneng e boetse e hloka ho fanwa ka ditsela tse fapaneng - ho kolobiswa (ka molomo), ka ho enta ka tlasa letlalo kapa ka mesifa, ka ho tlotsa ho ya sebakeng se senyenyane, ka ho tshela letlalo kapa ka ho inela phoofolo. Etsa bonnete ba hore meriana e tsamaiswa ka mokgwa o nepahetseng.

Sheba letsatsi la ho fellwa ke nako la meriana. Haeba meriana e fetile letsatsi la ho qetela e ka nna ya se ke ya atleha.

Boloka meriana sebakeng se phodileng se ke keng sa fihla ho bana kapa diphoofolo.

Sebedisa serije e nang le nale nako e le nngwe feela, ebe o di lahla ka lekotikoti la seno le se nang letho.
Ha le tletse, botsa setsebi sa bophelo bo botle ba diphoofolo ho se tlosa ho le senya.
U se ke wa sebedisa nale e tshwanang ho diphoofolo tse sa tshwaneng.

E le hore meriana e atlehe, e tlameha ho phalla mmeleng wa podi mme e tla ba teng meleng ya mmele, ho kopanyelletsa le lebese. Bala ditaelo tsa hore na o ka emela matsatsi a makae pele o ka hlaba phoofolo bakeng sa nama kapa o sebedisa lebese la yona.

Lenaneo la ho Entwa ha Bana ba Dipodi

Kemiso e latelang e lokela ho nkwa e le tataiso feela. Botsa setsebi sa diphoofolo bakeng sa lenaneo le kgethehileng la ente bakeng sa dipodi tsa hao.

Bana - nakong ya beke ya pele ya bophelo: entela kgahlanong le heartwater (buisana le ngaka ya hao ya diphoofolo sebakeng sa heno).

Bana - ho tloha dibeke tse pedi: entela kgahlanong le Pasteurella. Diente ka makgetlo a mabedi, dibeke tse 4 ka thoko.

Bana - pele ba tloswa letsweleng (dilemong tse pedi ho isa ho tse 5): entela kgahlanong pulpy kidney, Pasteurella le back quarter.

Bana - ba le dikgwedi tse 6: entela kgahlanong le bluetongue (diente tse 3, dibeke tse tharo ka thoko), pulpy kidney, black quarter, anthrax.

Lenaneo la ho Entwa ha Podi e Tshehadi le Dipheleu

Ho tloha ka Mmesa ho ya ho Motsheanog: enta dipodi tse hodileng tse tsehadi le tse tona (podi tse tshehadi le dipheleu) kgahlanong le Pasteurella.

Selemo (Phato - Lwetse Afrika Borwa): enta dipodi tse tshehadi le dipheleu kgahlanong le bluetongue. Sena se lokela ho etswa dibeke tse robong pele ho ikatisa ho tse tshehadi empa e se e le ka mora ho ikatisa bakeng sa dipheleu. Bakeng sa bluetongue, ditekanyetso di na le diente tse tharo, dibeke tse tharo ka thoko.

Phato - Lwetse Afrika Borwa: entela kgahlanong pulpy kidney, back quarter (dibeke tse nne pele dipodi tsa Angora di kutwa) le anthrax (dibeke tse nne pele dipodi tsa Angora di kutwa).

Tse tshehadi - pele ho nako ya selemo ya ho ikatisa: entela kgahlanong le enzootic ho ntsha mpa e bakwang ke Chlamydia (dibeke tse 4 ho isa ho tse 6 pele ho ikatisa).

Tse tshehadi - pele ho nako ya selemo ya pelehi: entela kgahlanong le blue udder (dibeke tse 6 - 8 le dibeke tse 2 - 4 pele ho pelehi)

Hape entela kgahlanong le tetanus (dibeke tse 6 - 8 le dibeke tse 2 - 4 pele ho pelehi) le orf (dibeke tse 4 pele ho pelehi, haeba ho bontshitswe)

Ka kopo hlokomela: Tsebo ke tsa merero ya thuto le tsebo feela mme e ke ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ngaka ya hau ya diphoofolo.

Translated by Bongani Matabane