Kori Bustard
Kgori

© Nigel J Dennis
Kori Bustard.

Lebitso

Kgori

Tjhadimeho

Kgori ke nonyana e boima ya Aforika e fofang ebile e ka kala dikilogeramo tse 19. Ke nonyana ya naha ka molala o molelele le leoto le lelelele ka menwana e meraro ka masiba a sootho kapa boputswa. Mahlakoreng a hlooho ho na le ntshi e ntsho. Ho na le moreto o mosweu mahlong. Seledu le molala ho hoswweu ka mereto e metsho. Dimpeng tsa nonyana ena e sootho ke matheba a matsho. Mohatla o na le mereto e sootho e mesweu. Masibeng a mapeho a mmala o tjena le ona. Mahetla a na le matheba a matsho le a masweu.

Dijo

Kgori e tsejwa e le nonyana e boima ya Aforika. E ja ntho e nngwe le e nngwe, e eja dijalo jwalo ka menokotshwai le diphoofolo jwalo ka mekgosutwane le dinoha. Madinayne a ja dikokwanyana. E fumanwe hore e ka ja lerenene la leoaka. Ha e ba di ja dikokwanyana tse jang lerenene ka botsona kapa di thuisa lerenene lena ha ho so tsejwe. Ntlha e nngwe e bohlokwa ka kgori ke hore e nwa ka ho nyanya, ha dinonyana tse ding di kga metsi ka melomo.

Tswalo

Kgori di atisa ho kemola le kgori tse mmalwa. Pele ho kemolo, e tona e tla hodisa molala ebile e tla fofisa mapheo e ntse e tjheka pela e tshehadi. Tse tona tse ding di ka fofisa masiba a mmele ohle, e be ekare bolo e kgolo e tshweu. Di ka kgumamela e tsehadi ha e ntse a bopa molomo. Nakong ena, e tona e bonwa ke e tshehadi. Kgori tse tona tse kemolang di etsa tjena hoseng kapa phirmane.
Tse tona ha di ke di thusa ka ho hodisa madinyane. Tse tshehadi di tla dula sehlaheng nako yohle, e feela di tla tloha nakoyana ho ya ho ja. Kemolo e etsahala hang ka selemo nako e ka bang matsatsi a 23 – 30. Ha e tshehadi e beha mahe, ke tlwaelo hore yona e se ka ya aha sehlaha se setenya; e ke e behe mahe fatshe.

Boitshwaro

Ke nonyana e phelang fatshe, ke ha e rehilwe ka Senyesemane “bustard”, ka baka la hore ke nonyana e tsamayang ka maoto. Di fofa feela ha ho hlokeha ka baka la bokalo ba yona. Matsatsing ana ekare e tsejwa e le nonyana e sa fofeng jwalo ka mpshe le emu, hon ho bolela hore e kgutlela ka mokgoo e ne e le mehleng ya kgale, ka hore tsona, le meholodi e meng ke dibatana tse sa fofeng. Di phela nako e telele ebile e nka nako ho tswala. E atisa ho phela sebakeng se le seng ha ho na le dijo tse lekaneng, ha ho se tjena di tla falla jwalo ka diphoofolo tse ding Di bonwa di le ding, ka bobedi kapa ka mehlape merung le masabasabaneng e jwang kapa meru ya Kgalagadi.
Kgori r tsamaya butle ka motsamao o imametseng empa ha e fofe hamonate. Ka nako ya tswalo, e tona e tla hodia molala ho hlahisa masiba a molala a masweu ka ntle, letheba le hlohong le lona la tswella, mapheo a shebile fatshe ha mohatla o shebile hodimo le pele molaleng. Dinonuana tsena di na le motsamao o hlabosang ho ya ka mmele wa ona ebile e fofa ka matla. Ha e tloha mapheo a ona a fofela hodimo, empa ha e le moyeng e fofa ka lebelo le matla. E atisa ho baleha kotsi ka ho tsamaya empa e tla fofa ha kotsi e le ngata. Ha e le mohlapeng, nonyana ena e tsamaya ka mola ho tshela masabasabana e batla dijo.

Lehae

Kgori e phela masabasabaneng e jwang e bulehileng e meru e difate. Mofuta on wa kgori o ka fumanwa bakeng tse ommeng moo difate di se ngata. Kgori di rata dibaka tse nang le jwang bo bokgutswaneka poheho e hlabosang. Nonyana tsena ha di tsejwe di falla jwalo ka dinonyana tse ding, empa e tla falla ha ho se na dijo kapa metsi.

E fumanwa kae

Kgori e fumanwa botjhabela ba Aforika le Aforikaborwa. Dibaka tsena tse botjhabela ba Aforika ke Ethiopia, Kenya le Tanzania.

Lebitso la Selatin

Ardeotis kori