iSimangaliso ke Sebaka sa Matjhaba sa Bonono

Kgetho ya Unesco

©Roger de la Harpe
Paka e kgolo ya St Lucia, ha jwale ke iSimangaliso Wetland Park. E ile ya phatlalatswa e le sebaka sa matjhaba sa botjhaba ka 1999. Komiti ya Unesso e ile ya nka qeto ya ho kenya kantle ho meedi sebaka se tshireletsehileng sa dikepe (polokelo ya St Lucia and Maputaland marine) le dibaka tse 11 tse eseng tsa dikepe (Maphelane Nature Reserve, St Lucia Park, Eastern Shores State Forest, Cape Vidal State Forest, Nyalazi State Forest, False Bay Park, Sodwana State Forest, Sodwana Bay National Park, Lake Sibaya Freshwater Reserve, the Coastal Forest Reserve le Kosi Bay Nature Reserve)

Bohlokwa ba Paka ya Matjhaba

©Roger de la Harpe
iSimanagaliso Wetland Park, e hlaloswa e le sebaka sa matjhaba sa botjhaba e seng ka lebaka la sehlaha sa kgudu ya metsing tse lewatle, empa ka mefutafuta ya yona e ikgethileng, botle ba yona ba tlhaho le ka lebaka la dinoka le lefatshe la letsha le ikgethang ka mefuta futa ya ntshetsopele.

Paka e entswe ka diphang tse hlano tse hlahelletseng (e fana bodulo bo boholo bakeng dimela le diphoofolo), tsamaiso ya mabopo le dikepe, meru ya dithaba tsa lehlabathe tse botjhabela, tsamaiso ya melapo le matsha, lelodi la mekgwabo ya noka ya Mkhuza le meru ya acacia e ommeng e ka mabopong bophirimela. Qetellong, mefuta futa ena etsa bodulo bo nammeng jwalo ka meru e metsing, dikorale tsa mepopotlo le meru ya difate tsa raffia.

Sebaka sa Botjhaba se Tsebahalang

©Roger de la Harpe
Ha se ka mefuta futa ya tikoloho feela e etsang iSimangaliso sebaka sa botjhaba sa maemo a ruileng. Ho nale dipalesa tse thekeselang tsa mefuta futa (2,185 recorded species), diphoofolo tse antshang (129 species), dihahabi (128), bophelo ba dinyona (526) le ditlhapi (1,039). Sena se re hlalosetsa hore hobaneng ho le bohlokwa hore paka e ena be le poloko ya mefuta futa. Empa bakeng sa baeti ba robalang ke sebaka se ikgethileng, lewatle le hlaha le khoneng ya Maputalang e nang kgohelo e kgolo.

O kena diphaposing le ho hlahlathela lewatleng ho tswella dithaneng tsa lehlabathe tsa difate tse etsa lerata le kang la tanka moyeng jwalo ka mokotatsie, khone ya pula le nalete. Ka hodimo le pele o futhumala, direme tsa dikorale lewatle di paterotswe ke mahlasedi a sci-fi manta, dinkwe le dishaka, le mefute e meraro ya dikgudu. Botebong bo lefifi ho nale makgala, ditlhapi tse kgolo, ho tsamaya mabopong moo ho nang le history dibanka tsa mawatle ya kgale kgale. O tla tsamaya ho ya le pudulo ya lewatle le mmoho le dikankrapa. Maru a tlaase a tshosang a lahlwa ke mookodi o motle.

O Bona Dinonyana

©Roger de la Harpe
Ka mora nako o tla hlahlathela dithabeng tsa muru ya meutlwa ya dinare thorns (Zizyphus mucronata), Natal mahogany (Trichilia dregeana) and pigeonwood (Trema orientalis) di hakilwe marapo a ditshwene le ditedu tsa monnamoholo. Mabopo a strelitzias(Strelitzia nicolai) e itshupa ka sehlehle sa hloho ha hara kanopi. Ka tjhebo e hlahelletseng ya meru wa dinonyana le medumo ya dinonyana. Ke ditshwene tsa samango kapa dihahabi tse nyane tse mehatla e sehlahla. Empa hoseng o tla thabiswa ke ho kenyeletsang matheba a mafahla a matala, dinonyana tse meqhaka dihloohong le dipopokgaie tsa Afrika.

Ka morao ho dithaba ho nale lefatshe la jwang le matheba le nang le lala (Hyphaene coriacea) le difate tse hlaha (Phoenix reclinata), tse sollang ka dinare le ditlou. Dithoteng kantle, ke dikudu tse atamelang koloi ya hao le Medusa tse rwalwang hloohong tse bonahalang di e imelang. O feta matsa a mangata ho feta kae kapa kae mona Afrika.

Ka shwalane o tsamaya wetlanteng ha monate feela. Phehello ya di mangroves, modumo wa mapheo, di enjene tse tletseng haufi le dikepe. Boholo ba boima ba dikutu bo tla o siya o kgathetse ka modumo wa meno le meqomo. Ka ho panya ha leihlo maru a salon a tletse difolamingo tse 10, 000 tse silafatsang moya le hoba pinki bo lefifi.

Translated by Sibongile Sonopo