Hoaba

Ho thata haholo ho tlosa hoaba ho feta dinta, ho etsa thibelo ya dikokwana-hloko tsena tsa kantle ho bohlokwa haholo. Hoaba di nyane ho feta dinta, di fapana pakeng tsa dimilimithara tse leshome le ho ya ho limithara ka bolelele.
Ka lebaka leo, ho thata ho di bona, ntle leha di ntse di tsamaya ho mebala e sa tshwaneng. Moo dinta di nang le maoto a tsheletseng, hoaba tse kgolo le madinyane a na le maoto a robedi le tshenyane e na le maoto a tsheletseng.
Mefuta e mengata e pota-potile jwaloka bolo, e nang le ntho e nyane e kang-lehlaka eo dikarolo tsa yona di leng teng.

Di Shebahala Jwang?

Tse tlolang molao ka sehloohong tse tharo tse amang dikgoho ke haoba e kgubedu (eo hape e tsejwa e le hoaba kgoho), hoaba ya northern fowl le hoaba ya scaly leg.
Hoaba e kgubedu di bosweu bo bo putswa kapa bo sootho ka mmala, empa di ba kgubedu bo kganyang kapa bo putswa ka morao ka mora hore di itshepe ka madi. Dikokwana-hloko di qeta boholo ba letsatsi la tsona di ipatile ka mekoting e haufi le dijo tsa tsona ebe di hlasela dinonyana bosiu.
Hoaba ya northern fowl di na le moriri o moputswa kapa o motsho mme di qeta bophelo bohle ba tsona ho nonyana, haholo-holo bakeng se pota-potilweng ke moya.
Ho hlaselwa haholo ho tla etsa hore ho be le masiba a mabedi ka lebaka la marothodi le mahe.
Ho fapana le hoaba ya northern fowl le hoaba e kgubedu, hoaba ya scaly leg di ama maoto a dinonyana feela.

Dipontsho tsa ho Hlaselwa?

Mekgwa ya ho anyesa ka madi ya hoaba e kgubedu le hoaba ya northern fowl e tla fokodisa dinonyana mme qetellong e hlahise madi a nang le madi a matla, le dinonyana tse nang le dihlahiswa tse teteaneng le mabota.
Dinonyana di ka boela tsa theola boima ba mmele mme tsa tshwarwa ke malwetse a mang. Masiba a dinonyana tse anngweng ke metsi di ka nna tsa eba le ditshila tse tshesaane, tse tshesaane le tse fokolang, tseo ka dinako tse ding di etsang hore ho be le ho hlotheha ha masiba le matheba a makgubedu letlalong.
Hoaba ya scaly leg di tjhepa tlasa letlalo la maoto le maotong, di baka ho ruruha le ho halefa. Ha di sa tshwarwe, dinonyana di ka nna tsa hlaphohelwa mme qetellong tsa shwa.

Translated by Bongani Matabane